Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:29 - BIBELE

29 Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yaba Elisha o re ho Gehasi: Itlame letheka, o nke lere la ka ka letsoho la hao, o tsamaye; etlere ha o kgahlana le motho, o se ke wa mo dumedisa; ha motho a o dumedisa, o se ke wa mo araba; o bee lere la ka hodima sefahleho sa ngwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:29
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a matlafatsa Elia, a itlama letheka, a kgisa ka sekaja kapele ho Akabe, ho ya fihla Jesereele.


A nka sona seaparo seo sa Elia, se ileng sa wa, a phutla metsi ka sona, a re: “O hokae Morena Modimo wa Elia?” Elisha le yena ha a phutla metsi, metsi ao a arohana, mme a tshela.


Elia a hlobola seaparo sa hae, a se phutha, mme a phutla metsi ka sona. Metsi a arohana, mme bobedi ba bona ba tshela mobung o ommeng.


Elisha a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Ako mpitsetse mosadi eo wa Moshuneme.” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a fihla a ema kapele ho Elisha.


Elisha, moporofeta wa Modimo, a bitsa e mong wa sehlopha sa baporofeta, a re ho yena: “Itlame letheka, o nke lenaka lena la ole, o ye Rama e Gileade.


Wena phahamisa molamu wa hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, mme o le arole koto tse pedi, bana ba Iseraele ba tle ba tsamaye hara lewatle, mobung o ommeng.


Wena o tla tshwara molamu ona ka letsoho la hao, o etse mehlolo ka wona.”


Theka la hae o le tlama hathata, a matlafatse le matsoho a hae.


Le se ke la nka sepatjhe, leha e le mokotlana, leha e le meqathatso, mme le se ke la dumedisa motho tseleng.


hoo ha dituku kapa diforesekoto tse amileng mmele wa hae di ne di bewa hodima bakudi, malwetse a ne a ye a fole, le meya e mebe e tswe ho bona.


Ka ho dumela lebitsong la Jesu, lebitso leo le matlafaditse monna enwa, eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho Jesu ya mo fodisa pontsheng ya lona bohle.


Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona,


Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ