Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:27 - BIBELE

27 Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:27
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a re: “Na ebe nka patela Aborahama seo ke leng lekgatheng la ho se etsa,


Nathane a re ho kgosi: “Tsamaya o yo etsa tsohle tseo o di hopotseng, hobane Morena o na le wena.”


Yaba o a tsamaya, mme a fihla ho moporofeta wa Modimo, thabeng ya Karamele. Moporofeta wa Modimo a mmona a sa le hole, mme a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Bona mosadi wa Moshuneme ke yane!


Ke a o kopa: Matha o mo kgahlanyetse, mme o re ho yena: ‘O phela jwang? Monna wa hao yena o phela jwang? Ngwana yena o phela jwang?’ ” Mosadi a araba, a re: “Hantle!”


E mong wa bahlanka ba kgosi, a re: “Ha a yo, monga ka, kgosi ya ka! Ke Elisha, moporofeta wa Iseraele, ya bolellang kgosi ya Iseraele seo o se buang ka lekunutu.”


“Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile.


Motho o tseba bohloko ba pelo ya hae, ha ho e mong ya ka utlwang thabo ya yona.


Ya kulang o matlafatswa ke moya wa hae, moya o hlomohileng o ka phekolwa ke mang?


Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta.


Empa Jesu a se ke a mo araba. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo kopa, ba re: “Mo leleke! Bona kamoo a howang a re setse morao kateng!”


Letshwele la di kgalemela hore di thole, empa tsa eketsa tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!”


Jesu a teana le bona, a re: “Dumelang!” Ba atamela, mme ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.


Yaba ba tlisa bana ho Jesu hore a ba ame, empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang.


Jesu a re ho bona: “Mo leseng! Le mo nyahamisetsang pelo? O nketseditse ketso e molemo.


a ema kamorao, maotong a Jesu, a ntse a lla, a qala ho mo tshela maoto ka dikgapha, a a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae, a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.


Ha ke sa le bitsa bahlanka, hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang, empa lona ke le bitsitse metswalle, hobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.


Ka nako eo barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ha a bua le mosadi, leha empa ho ne ho se ya reng: “O batla eng, kapa o buelang le yena?”


Moya wa Anna o ne o tshwenyehile haholo; yaba o rapela Morena, o lla habohloko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ