Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:25 - BIBELE

25 Yaba o a tsamaya, mme a fihla ho moporofeta wa Modimo, thabeng ya Karamele. Moporofeta wa Modimo a mmona a sa le hole, mme a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Bona mosadi wa Moshuneme ke yane!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 A tloha jwalo, a fihlela monna wa Modimo thabeng ya Karmele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:25
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahoo, mane thabeng ya Karamele, mmemele pitso ya Baiseraele bohle, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane le mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashera ba makgolo a mane, ba feptjwang ke Jesabele.”


Akabe a tsamaya ho ya ja le ho nwa. Elia yena a nyolohela tlhorong ya Karamele, a fihla a putlama fatshe, a kenya hlooho pakeng tsa mangwele.


Kgosi ya roma molaodi wa bahlabani ba mashome a mahlano le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano ho Elia. Molaodi eo a nyolohela ho Elia, mme a mo fumana a dutse tlhorong ya leralla. Molaodi a re ho yena: “Moporofeta wa Modimo, kgosi e o laela hore o theohe.”


Ho tloha moo a ya thabeng ya Karamele, mme ha a tloha teng a kgutlela Samaria.


A qhanehelwa tonki, mme a re ho mohlanka wa hae: “Kganna tonki. O hle o tsamaye, o se ke wa hata butle, haese haeba ke o bolella jwalo.”


Ke a o kopa: Matha o mo kgahlanyetse, mme o re ho yena: ‘O phela jwang? Monna wa hao yena o phela jwang? Ngwana yena o phela jwang?’ ” Mosadi a araba, a re: “Hantle!”


Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.”


Jwale Gehasi, mohlanka wa Elisha, moporofeta wa Modimo, a re: “Monga ka o hauhetse Naamane enwa wa Moarame, ka ho hana ho amohela seo a neng a tlile le sona. Empa ka Morena ya phelang, ke tla matha kamora hae, ke yo nka ho hong ho yena.”


Kgosi e ne e ntse e buisana le Gehasi, mohlanka wa moporofeta wa Modimo, a re: “Ke a o rapela: Ako mpolelle dintho tsohle tse kgolo, tseo Elisha a di entseng.”


Hwatata le tla thunya haholo, le bine ka thabo, le fumane tlotla e kang ya Lebanone, botle e ke ba Karamele le ba Sharone; batho ba tla bona tlotla ya Morena, ba bone le botle ba Modimo wa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ