Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:23 - BIBELE

23 Monna wa hae a re: “Ke ka lebaka lang o yang ho yena kajeno? Kgwedi ha ya tshwasa, ebile hase Sabatha!” Mosadi a re: “Ho lokile!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yena a re: O latang ho yena kajeno? Hase kgwedi e ntjha, leha e le Sabatha. A re: Ke kgotso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:23
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A bitsa monna wa hae, a re: “Ke a o kopa: Ako nthomelle e mong wa bahlankana, le e nngwe ya ditonki, nke ke potlakele ho moporofeta wa Modimo, ke be ke kgutle.”


A qhanehelwa tonki, mme a re ho mohlanka wa hae: “Kganna tonki. O hle o tsamaye, o se ke wa hata butle, haese haeba ke o bolella jwalo.”


leha ho etsetswa Morena dinyehelo tsohle tsa setjheso ka matsatsi a Sabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e kgethehileng. Ba ne ba etsa jwalo kapele ho Morena, ho ya ka palo eo ba e beetsweng ka molao.


Le ntse le re: “Kgwedi e ntjha e tla ya neneng fifing, re tswe re rekisa mabele a rona? Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng, re tswe re bapatsa ka koro ya rona? Re ntse re fokotsa tekanyo re nyolla theko, re qhekella bareki ka dikala tsa rona tse sa nepahalang?


Mohla matsatsi a lona a thabo, le mohla mekete ya lona e kgethehileng, le mohla dikgwedi tsa lona di thwasang, le tla letsetsa diterompeta tsa lona hodima dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le hodima mahlabelo a lona a nyehelo ya teboho. Tsena e tla ba kgopotso ya lona kapele ho Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona.”


“ ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi e nngwe le e nngwe o tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha.


“ ‘Ka letsatsi la Sabatha o tla nyehela ka dikonyana tse pedi tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, le ka dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le tsona.


Davida a re ho Jonathane: “Bona mona, hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ke lokela ho ba dijong le kgosi. Ntumelle ke tsamaye, ke yo ipata naheng, ho fihlela ka phirimana ya letsatsi la boraro.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ