Bana ba Iseraele le bona ba kgobokana, ba hlomela, ba kgahlanyetsa Baarame. Bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona kapele ho Baarame, ba ba jwaloka mehlatswana e mmedi ya dipotsanyane, ha Baarame bona ba ne ba tletse naha.
A romela molaetsa ho Jehoshafate, kgosi ya Juda, a re: “Kgosi ya Moabe e mphetohetse; na re tla ya le wena ho ya futuhela Bamoabe?” Kgosi ya Juda ya re: “Ke tla ya. Rona le wena re ntho e le nngwe; setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao, le dipere tsa ka ke dipere tsa hao.”
Yaba Saule o bitsa setjhaba, mme o se bala se le Telaime. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mabedi; ba morabe wa Juda e le banna ba dikete tse leshome.