Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 3:4 - BIBELE

4 Mesha, kgosi ya Moabe, e ne e le morui wa dinku. Ka selemo se seng le se seng o ne a ntshetsa kgosi ya Iseraele lekgetho ka dikonyana tse dikete tse lekgolo, le ka boya ba dipheleu tse dikete tse lekgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mesha, morena wa Moabe, o ne a ruile mehlape ya dinku; o ne a ntse a ntshetsa morena wa Iseraele lekgetho la dikonyana tse dikete tse lekgolo, le la dipheleu tse dikete tse lekgolo, ka boya ba tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 3:4
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborame o ne a ruile mehlape e mengata, le silefera, le kgauta.


A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida ba mo thellang. Morena a thusa Davida hohle moo a neng a futuhela teng.


Ahlola Bamoabe, mme Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


A haha ditora tse ding lehwatateng. A tjheka didiba tse ngata, hobane o ne a ena le mehlape ya diphoofolo diphuleng le dithoteng. O ne a ena le bahlanka ba lemang masimo, le a lemang difate tsa morara dithabeng le Karamele. O ne a rata temo haholo.


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


Yaba Morena o hlohonolofatsa dilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo ho feta dilemo tsa pele. A ba le dikgutshwane tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse dikete tse pedi, le ditonki tse tshehadi tse sekete.


Modimo o buile a le Sehalalelong sa hae, o buile a le ho sona, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ