Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 3:25 - BIBELE

25 Ba heletsa metse, mme masimong wohle a matle monna ka mong a akgela lejwe la hae, masimo ao a tlala majwe. Ba kata didiba tsohle, ba rema le difate tsohle tse ntle. Ke motse wa Kire-Harese feela o sa kang wa heletswa; leha ho le jwalo, bo-ramatjeketjane ba o potapota, ba o ruthutha ka majwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ba qhaqha metse; e mong le e mong a akgela lejwe la hae masimong wohle a matle; ba kata didiba tsohle tsa metsi, ba rema difate tsohle tse monate; ba betsang ka letjeketjane ba teela Kire-Haresethe hare, ba o senya, ba siya majwe feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 3:25
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Didiba tsohle tseo bahlanka ba ntatae ba neng ba ile ba di tjheka mehleng ya ntatae Aborahama, Bafilesita ba ne ba ile ba di kata ka mobu.


Isaka a boela a tjheka didiba tse ileng tsa tjhekwa mehleng ya ntatae Aborahama. Bafilesita ba ne ba ile ba di kata kamora lefu la Aborahama, mme a di rea mabitso ao ntatae a neng a di reile wona.


A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


Le tla timetsa metse yohle e nang le diqhobosheane, le metse yohle ya ditletle le reme le difate tsohle tse ntle, le kate didiba tsohle, le senye le masimo a matle ka ho hasanya majwe hara wona.”


Ha Bamoabe ba fihla diahelong tsa Baiseraele, Baiseraele ba raoha, ba futuhela Bamoabe, hoo Bamoabe ba bileng ba baleha. Empa Baiseraele ba tsamaya ba ntse ba ba etsa mofela ho ya fihla naheng ya habo bona.


Ha kgosi ya Moabe e bona hore e imelwa ke ntwa, ya nka banna ba makgolo a supileng ba disabole, hore ba phunyeletse ho ya fihla ho kgosi ya Edomo, empa ba sitwa.


Setjhaba se sengata sa kgobokana, sa kata didiba tsohle, sa thiba le metsi a nokana e neng e haola hara naha eo, mme sa re: “Ha dikgosi tsa Asiria di fihla di se ke tsa fumana metsi.”


Bona ke boporofeta malebana le Moabe: Ka bosiu bo le bong Are e Moabe e timeditswe! Ka bosiu bo le bong Kire e Moabe e timeditswe!


Pelo ya ka e llela Moabe sa harepa, le yona Kire-Harese e e llela jwalo.


Kahoo tjhaba sa Moabe se tla itelela, bohle ba itelele ba le mmoho, ba llela dijo tse monate tsa Kire-Harese, ba lla pelo tsa bona di le bohloko.


Ka baka leo, ke llela Moabe, ke llela baahi bohle ba Moabe, ke llela banna ba Kire-Harese.


“Kahoo pelo ya ka e llela Moabe sa lekodilo, sa lekodilo le llela banna ba Kire-Harese, hoba matlotlo a bona a se a ba feletse.


“Yaba Morena o re ho nna: ‘Le se ke la futuhela Moabe, le se ke la mo qholotsa hore a lwane. Nke ke ka le nea naha ya hae, hore e be ya lona, hobane Are ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona.’ ”


Abimeleke a qeta letsatsi leo lohle a patetse motse, a ba a o hapa, a bolaya batho ba ka ho wona. A heletsa motse oo, a nyanyatsa lesupi ka letswai.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ