Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 3:23 - BIBELE

23 Yaba ba re: “Hona ke madi! Ruri dikgosi tsena di lwantshane, tsa bolayana. He! Bamoabe, lelobelo ke leo!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ba re: Ke madi; efela marena ao a bolayane, a timetsane. Helang! Bamoabe, a re yeng ho hapa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 3:23
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, mme ha letsatsi le phatsima hodima metsi, Bamoabe ba bona metsi a kapele ho bona a le mafubedu, a re tlere!


Ha Bamoabe ba fihla diahelong tsa Baiseraele, Baiseraele ba raoha, ba futuhela Bamoabe, hoo Bamoabe ba bileng ba baleha. Empa Baiseraele ba tsamaya ba ntse ba ba etsa mofela ho ya fihla naheng ya habo bona.


Morena o ne a ile a etsa hore lebotho la Baarame le utlwe eka ho na le lerata la dikariki tsa ntwa, le lekitikiti la dipere, le modumo wa lebotho le leholo. Ke ha ba buisana, ba re: “Bonang, kgosi ya Iseraele e hirile dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baegepeta ho tla re lwantsha.”


Ha Jehoshafate le setjhaba sa hae ba ilo hapa, ba fumana maruo a mangata, le diaparo, le dintho tsa bohlokwa. Yaba ba inkela matlotlo ao, mme a eba mangata hoo ba bileng ba sitwa ho a nka kaofela. Kgapo e ne e le ngata hoo ba ileng ba nka matsatsi a mararo ba ntse ba e bokella.


“Sera se ile sa re: ‘Ke tla ba phaladisa, ke ba tshware; ke arole kgapo, ke kgotsofale. Ke tla hula sabole ya ka, ka tsoho la ka ke ba timetse.’


Tsoho la ka le fumane matlotlo a ditjhaba, la a fumana sa hlaha sa nonyana, ka bokella naha tsohle mmoho, sa mahe a setse lepalapaleng, ha se be le e nngwe e sisinyehang, kapa e ahlamisang molomo ho hlaba mokgosi.”


‘Ba hapile, ba arolelana tsa kgapo, mohlabani ka mong o abelwa morwetsana, kapa o abelwa barwetsana ba le babedi; Sisera o abelwa seaparo se mebala, seaparo se mebala, se homilweng; aparo tse pedi, tse homilweng, tsa molaleng, ke tsa ka!’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ