Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 3:20 - BIBELE

20 Ka la hosasane, ka nako ya ha ho etswa nyehelo ya dijo, ba bona metsi a hlaha, a etswa nqa Edomo, mme naha ya tlala metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yare hosasane, ka nako ya ho hlahisa sehlabelo, ba bona metsi a etla ka tsela ya Edomo, lefatshe la ba la tlala metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 3:20
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya ya sehlabelo sa setjheso, e fihlile, moporofeta Elia a atamela, a re: “Oho, Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno, hore o Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse dintho tsena tsohle ka taelo ya hao.


Ha Bamoabe bohle ba utlwa hore dikgosi di nyolohile ho tla ba futuhela, ba kgobokanya bohle ba neng ba ka nka dihlomo, ho tloha ho ba banyenyane, ho ya fihla ho ba baholo, mme ba fihla ba hloma meeding.


Lehwatata a le fetola letsha la metsi, naha e tshehla a e fetola didiba.


Ke nnete, o ile a otla lefika, metsi a phutsalla, le dinokana tsa phorosela; ebe a ka tseba ho re fa bohobe, le ho fepa tjhaba sa hae nama?”


Ha ke ntse ke rapela jwalo, Gabariele, monna eo ke neng ke mmone ponong ya ka ya pele, a tla ho nna ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, a potlakile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ