Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 3:15 - BIBELE

15 Ntlisetseng seletsi sa harepa!” Yare ha seletsi se ntse se letsa harepa ya sona, matla a Morena a theohela hodima Elisha,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jwale, ntlisetseng moletsi wa harepa. Yare ha moletsi wa harepa a letsa harepa, letsoho la Jehova la eba hodima Elisha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 3:15
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a matlafatsa Elia, a itlama letheka, a kgisa ka sekaja kapele ho Akabe, ho ya fihla Jesereele.


mme a re: “Morena o bua tjena: ‘Tjheka mekoti kahara kgohlo ena.’


Molomo wa ka o tla bua tsa bohlale, pelong ya ka ke tla nahana tse nang le kelello.


lentswe la Morena la fihla ho moprista Esekiele, mora wa Busi, a le pela noka ya Kebare, naheng ya Bakalatiya, yaba matla a tswang ho Morena a a mo tsukutla.


Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo.


Yaba matla a tswang ho Morena a ntsukutla, Morena a re: “Ema, o tsamaye, o ye phuleng, moo ke tla bua le wena teng.”


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya botshelela selemong sa botshelela, ha ke ntse ke dutse ka tlung ya ka, mme baholo ba Juda ba dutse kapele ho nna, matla a tswang ho Morena Modimo a ntsukutla.


Letsoho la Morena le ne le ena le bona, mme palo e kgolo ya ba dumelang ya sokolohela ho Morena.


“Kamora moo o tla fihla Leralleng la Modimo, moo ho nang le lebotho la Bafilesita. Etlare ha o se o fihlile motseng o kopane le sehlopha sa baporofeta ba theohang aletareng e leralleng, ba eteletswe pele ke dikatara, le meropa, le makodilo, le diharepa, mme ba tla be ba ntse ba porofeta.


Monghadi wa rona, ako laele hore rona bahlanka ba hao, ba nang le wena mona, re batle monna eo e leng seletsi sa sebele sa harepa, e le hore ha moya ona o ditshila, o tswang ho Modimo, o o fihlela, a tle a e letse, ebe o a hlaphohelwa.”


E ne e ye ere ha moya o ditshila, o tswang ho Modimo, o fihletse Saule, Davida a nke harepa, a e letse, ebe Saule o a hlaphohelwa, o phela hantle; moya o ditshila oo ebe o tswa ho Saule.


Ka letsatsi le hlahlamang moya o ditshila, o tswang ho Modimo, wa theohela hodima Saule ka matla. Saule a halefa jwaloka lehlanya, a le ka tlung ya hae. Davida a letsa harepa ya hae jwalokaha a nne a etse ka matsatsi wohle, Saule yena a tshwere lerumo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ