2 Marena 25:7 - BIBELE7 Ba bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)7 Bara ba Tsedekia ba bolawa pela mahlo a hae; Tsedekia a ntoo phunngwa mahlo, a tlangwa ka mahlaahlela a koporo, mme a iswa Babilona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hamorao,’ ho rialo Morena, ‘ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela.’