Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:5 - BIBELE

5 Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi, ba e tshwara ha e le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa makgotla a Bakalde a phallela morena, a mo tshwara lehwatateng la Jeriko; mme makgotla a hae kaofela a mo qhalanela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:5
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baahi ba motse oo ba phunya dikgeo marakong, bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo. Kgosi ya nka tsela e lebang phuleng.


Yaba Bakalatiya ba tshwara kgosi Sedekiya, ba mo isa ho kgosi ya Babilona, yona e le Ribela, moo ba ileng ba mo ahlolela hona teng.


Le itse: ‘Tjhe, re tla palama dipere, re balehe!’ E, le tla fela le balehe! La ba la re: ‘Re tla palama tse lebelo!’ Tse le phaladisang di tla ba lebelo ho feta!


Hamorao,’ ho rialo Morena, ‘ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela.’


“ ‘Empa ha e le Sedekiya, kgosi ya Juda, le mahosana a hae, le masalla a Jerusalema a ntseng a le naheng ena, le a phelang naheng ya Egepeta, bohle ke tla ba tshwantsha le feiye ena e bodileng hoo e ke keng ya jewa,’ ho rialo Morena.


Ha o ka ke wa phonyoha matsohong a yona; o tla fela o thopuwe, o bewe matsohong a yona. Kgosi eo ya Babilona o tla e bona ka mahlo a hao, o buisane le yona le tadimane, ebe jwale o iswa Babilona.


Empa lebotho la Bakalatiya la ba phaladisa, la tshwara Sedekiya phuleng ya Jeriko. La mo tshwara, la mo isa ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a le Ribela, naheng ya Hamate, moo a ileng a mo ahlolela hona teng.


Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi Sedekiya, ba mo tshwara ha a le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi.


Ka baka la ditlhoriso le ho sebediswa ka thata, Juda e isitswe bothopuweng. Juda e phela kahara baditjhaba, e hloka le sebaka sa ho phomola. Bahlorisi ba yona bohle ba e tsomeditse, ba e tsometsa e le makaqabetsing.


Botle bohle bo se bo hlakohile, bo hlakohile ho Moradi wa Sione; mahosana a hae a ka dikgama, a ka dikgama di sitwa ho fumana lekgulo; di baleha di se di kenwe ke mokgathala, di baleha bamanakisi ba tsona.


Bohle ba nang le kgosana eo, e leng balebedi ba yona le mabotho wohle a yona, ke tla ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, mme ba tla bolawa ka sabole.


Baphaphathehi ba hae bohle le mabotho a hae wohle, batho bana kaofela ba tla bolawa ka sabole, masalla a bona a qhalanyetswe hohle lefatsheng, mme le tla tseba hore ke nna Morena ya buileng jwalo.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ