Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:4 - BIBELE

4 Baahi ba motse oo ba phunya dikgeo marakong, bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo. Kgosi ya nka tsela e lebang phuleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha ho se ho phuntswe lerako, banna bohle ba ntwa ba baleha bosiu ka tsela e yang le kgoro, mahareng a marako a mabedi a pela tshimo ya morena, Bakalde ba ntse ba teetse motse hare. Ha tsamauwa ka tsela e yang le lehwatata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:4
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi, ba e tshwara ha e le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi.


Kgosi Hesekiya a tsoha molota, a tsosa lerako hohle moo le neng le helehile teng. Hodima lona a haha ditora, a haha le lerako le leng kathoko ho leo. A matlafatsa le Milo, e Motseng wa Davida. A etsa marumo a mangata le dithebe tse ngata.


Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida.


Pakeng tsa marako a mabedi la haha letamo, la le hahela ho thibela metsi a Letshana la Kgale; empa la se ke la natsa Moetsi wa lona, kapa la tsotella ya le rerileng kgalekgale.


Babusi ba hao bohle ba balehile mmoho, ba thopilwe ba eso fule ka diqha. Bohle ba fumanweng kahare ho wena ba tshwerwe mmoho, le hoja ba ne ba balehetse hole.


Sedekiya, kgosi ya Juda, a ke ke a phonyoha matsohong a Bakalatiya, empa ho tla neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Babilona. O tla buisana le yona ba tadimane.


Ha o ka ke wa phonyoha matsohong a yona; o tla fela o thopuwe, o bewe matsohong a yona. Kgosi eo ya Babilona o tla e bona ka mahlo a hao, o buisane le yona le tadimane, ebe jwale o iswa Babilona.


Empa haeba o sa ineele ho mahosana a kgosi ya Babilona, ho tla neelanwa ka motse ona matsohong a Bakalatiya, mme ba tla o tjhesa ka mollo. Wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.’ ”


a e teela hare sa banna ba lebetse tshimo, hobane e mphetohetse,’ ” ho rialo Morena.


Ha rata la bapalami le ba diqha le utlwahala, baahi ba metse yohle ba tla baleha; ba tla kena merung, ba hlwelle hodima mafika; metse yohle e tla furallwa ke baahi ba yona, ha ho le ya mong ya tla phela ho yona.


Morena o bua tjena: ‘Bonang, ke tla neelana ka Faro Hofera, kgosi ya Egepeta, matsohong a dira tsa hae, le matsohong a ba batlang ho mmolaya, jwalokaha ke ile ka neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, sera sa hae se neng se rata ho mmolaya.’ ”


“Kenang hara merara ya sona le e robake, feela le se ke la e roba kaofela ha yona; makala a yona le a kgaole, hobane makala ao hase makala a Morena.


Ka baka la ditlhoriso le ho sebediswa ka thata, Juda e isitswe bothopuweng. Juda e phela kahara baditjhaba, e hloka le sebaka sa ho phomola. Bahlorisi ba yona bohle ba e tsomeditse, ba e tsometsa e le makaqabetsing.


Botle bohle bo se bo hlakohile, bo hlakohile ho Moradi wa Sione; mahosana a hae a ka dikgama, a ka dikgama di sitwa ho fumana lekgulo; di baleha di se di kenwe ke mokgathala, di baleha bamanakisi ba tsona.


“Kgosana ya bona e tla jara thoto ya yona mahetleng a yona, e le ka shwalane, e tsamaye. E tla tswa le lesobeng leo ba e phunyeditseng lona leboteng, e ikgurumetse sefahleho e le hore e se ke ya bona tsela.


Bohle ba nang le kgosana eo, e leng balebedi ba yona le mabotho wohle a yona, ke tla ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, mme ba tla bolawa ka sabole.


Motsheare le itse nte! moo ba ntseng ba o shebile, o ntshe thoto ya hao, o itokisetse ho ya bothopuweng. Mantsiboya, moo ba ntseng ba o shebile, o tsamaye jwaloka ba yang bothopuweng.


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya leshome selemong sa leshome le metso e mmedi sa ho thopuwa ha rona, motho e mong ya neng a ile a phonyoha Jerusalema a fihla ho nna, a re: “Motse o hapilwe!”


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


“ ‘Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang.


“Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”


“Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ