Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:25 - BIBELE

25 Empa ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama wa leloko la kgosi, a tla a ena le banna ba leshome, a fihla a bolaya Gedaleya, a bolaya le Bajuda le Bakalatiya ba neng ba ena le yena moo Misepa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Leha ho le jwalo, ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa mofuta wa borena, a tla le banna ba leshome, a bolaya Gedalia, a shwa; a bolaya le Bajuda le Bakalde ba nang le yena Mitspe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:25
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi.


Gedaleya a ba hlapanyetsa, mmoho le bahlabani ba bona, a re: “Le tla iphelela hantle. Le se ke la tshaba ho ba bahlanka ba Bakalatiya. Ahang naheng ena, le sebeletse kgosi ya Babilona.”


Yaba Johanane, mora wa Karea, o bua le Gedaleya ka lekunutu, a le motseng wa Misepa, o re: “Ntumelle ke yo bolaya Ishemaele, mora wa Netaniya, mme ha ho motho le ya mong ya tla tseba taba ena. Ke hobaneng ha a rata ho o bolaya, hore Bajuda bohle ba tlileng ho wena ba tle ba qhalane, le hore masalla wohle a Juda a bolawe?”


Ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama, eo e neng e le wa madi a borena, e bile e le e mong wa balaodi ba kgosi, a tla ho Gedaleya, mora wa Ahikama, motseng wa Misepa, a ena le banna ba leshome. Yare moo ba ntseng ba eja ba le mmoho,


Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna ba leshome, bao a neng a ena le bona ba raoha, ba hlatha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ka sabole, ba bolaya ya neng a kgethilwe ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa naha eo.


Ishemaele a bolaya le Bajuda bohle ba neng ba ena le Gedaleya motseng wa Misepa, hammoho le bahlabani ba Bakalatiya ba neng ba le moo.


“Ako botse setjhaba sohle sa naha ena, le baprista, o re: ‘Ha le ne le itima dijo, le bina kodi-ya-malla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka dilemo tse mashome a supileng, na le ne le hlile le itima ka baka la ka?


“Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ