Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:24 - BIBELE

24 Gedaleya a ba hlapanyetsa, mmoho le bahlabani ba bona, a re: “Le tla iphelela hantle. Le se ke la tshaba ho ba bahlanka ba Bakalatiya. Ahang naheng ena, le sebeletse kgosi ya Babilona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yena Gedalia a ba hlapanyetsa, bona le batho ba bona, a re ho bona: Le se ke la tshaba bahlanka ba Bakalde; ahang fatsheng lena, le sebeletse morena wa Babilona, mme le tla iketla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:24
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba mosadi o re: “Ke a o rapela: E se eka kgosi e ka rapela Morena Modimo wa yona, a thibela mophetetsi wa madi a tsholotsweng, hore a se ke a timetsa mora wa ka.” Kgosi ya re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa mora wa hao, e ke ke ya wela fatshe!”


Kgosi ya re ho Shimei: “O ke ke wa bolawa!” Yaba kgosi e a mo hlapanyetsa.


Ha balaodi bohle ba mabotho, mmoho le bahlabani ba bona, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e kgethile Gedaleya hore e be mmusi, batho bana ba ya ho Gedaleya, a le Misepa: Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane, mora wa Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete wa Monetofa, le Jaasanea, mora wa monna ya ahileng Maaka; ba ya le bahlabani ba bona.


Empa ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama wa leloko la kgosi, a tla a ena le banna ba leshome, a fihla a bolaya Gedaleya, a bolaya le Bajuda le Bakalatiya ba neng ba ena le yena moo Misepa.


Ba nka le banna le basadi, le bana le baradi ba kgosi, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a ba siile le Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, le moporofeta Jeremia, le Baruke, mora wa Neriya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ