Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:22 - BIBELE

22 Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a kgetha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be yena mmusi wa Bajuda ba ileng ba sala moo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Haele setjhaba se kileng sa sala fatsheng la Juda, se tlohetsweng ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, a bea Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, hore e be mmusisi wa sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:22
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya laela moprista Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Akabore, mora wa Mmikiya, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re:


Empa ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama wa leloko la kgosi, a tla a ena le banna ba leshome, a fihla a bolaya Gedaleya, a bolaya le Bajuda le Bakalatiya ba neng ba ena le yena moo Misepa.


ya laela Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Abadone, mora wa Mmika, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re:


Leha ho le jwalo Ahikama, mora wa Shafane, a buella Jeremia hore a se ke a neelwa setjhaba hore se mmolaye.


ba laela hore ho ntshwe Jeremia ka lebaleng la tjhankana, ba neelane ka yena ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore a ye le yena lapeng ha hae. Jeremia a nna a phela hara setjhaba sa habo.


Ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama, eo e neng e le wa madi a borena, e bile e le e mong wa balaodi ba kgosi, a tla ho Gedaleya, mora wa Ahikama, motseng wa Misepa, a ena le banna ba leshome. Yare moo ba ntseng ba eja ba le mmoho,


ba baleha Bakalatiya. Ba ne ba ba tshaba, hobane Ishemaele, mora wa Netaniya, o ne a ile a bolaya Gedaleya, mora wa Ahikama, eo kgosi ya Babilona e neng e mo kgethile hore e be mmusi wa naha eo.


Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna ba leshome, bao a neng a ena le bona ba raoha, ba hlatha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ka sabole, ba bolaya ya neng a kgethilwe ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa naha eo.


Empa bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, ba nka masalla wohle a Juda, a neng a kgutletse naheng ya Juda ho tla aha ho yona, a etswa ditjhabeng tsohle tseo a neng a qhalanetse ho tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ