Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:15 - BIBELE

15 Molaodi wa balebedi a nka le dipane, le dikotlolo, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta, le tse entsweng ka silefera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Le dipane, le dipitsana, hohle hoo e leng kgauta e hlwekileng le silefera e hlwekileng, tsa nkwa ke molaodi wa bahlabani ba morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:15
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hirame a bopa dipitsa, a etsa le dikgarafu, le dikotlolo, yaba o qeta mosebetsi wohle wa Tempele ya Morena, oo a neng a o etsetsa kgosi Solomone.


Dipitsa, le dikgarafu, le ditimamabone, le dikgaba, le dintho tsohle tse entsweng ka lethose, tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona, ba di nka.


Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka, le ditshehetso tseo Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa.


Ha ba se ba e qetile, ba tlisa tjhelete e setseng ho kgosi le ho Jehoyada, mme ka yona ha etswa thepa ya Tempele ya Morena, le dintho tse sebeletsang, le tsa ho etsa dinyehelo, le dikgaba, le dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera. Ka matsatsi wohle a ho phela ha Jehoyada, ba nna ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.


A etsa mabone a sona a supileng, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, ka kgauta e hlwekileng.


Molaodi wa balebedi a nka le dipane le dikotlolo, le dipitsa le didulwana tsa mabone, le dikgaba le mehope, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta le ka silefera.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ