Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:14 - BIBELE

14 Dipitsa, le dikgarafu, le ditimamabone, le dikgaba, le dintho tsohle tse entsweng ka lethose, tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona, ba di nka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Le dipitsa, le tse olang molora, le matlao le dikgaba, le mesebetsi yohle ya koporo eo ho neng ho sebeletswa Jehova ka yona, ba ya le yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:14
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hirame a bopa dipitsa, a etsa le dikgarafu, le dikotlolo, yaba o qeta mosebetsi wohle wa Tempele ya Morena, oo a neng a o etsetsa kgosi Solomone.


le dipitsa, le dikgarafu, le dikotlolo. Dintho tsena tsohle tsa Tempele ya Morena, tseo Hirame a ileng a di etsetsa kgosi Solomone, di ne di entswe ka lethose le hadimang.


Molaodi wa balebedi a nka le dipane, le dikotlolo, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta, le tse entsweng ka silefera.


Ha ba se ba e qetile, ba tlisa tjhelete e setseng ho kgosi le ho Jehoyada, mme ka yona ha etswa thepa ya Tempele ya Morena, le dintho tse sebeletsang, le tsa ho etsa dinyehelo, le dikgaba, le dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera. Ka matsatsi wohle a ho phela ha Jehoyada, ba nna ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.


le dipitsa, le dikgarafu, le difereko, le dintho tsohle tsa tsona. Dintho tsohle tseo Hurame a neng a di etseditse kgosi Solomone, bakeng sa Tempele ya Morena, e ne e le tsa lethose le phatsimang.


Matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, e be tsa kgauta e hlwekileng.


O tla e etsetsa dithotobolo tsa yona, le dikgarashwana tsa yona, le dinwelo tsa yona, le difereko tsa yona tse hlabang nama, le dipane tsa yona; thepa yohle ya yona e etswe ka lethose.


A etsa dintho tsohle tse sebediswang aletareng: dithothobolo, le dikgarashwana, le dinwelo, le difereko tse hlabang nama, le dipane; tsena tsohle tsa yona a di etsa ka lethose.


Dipitsa le dikgarafu, le ditimamabone le dikgaba, le dintho tsohle tse entsweng ka lethose, tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona, ba di nka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ