Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:13 - BIBELE

13 Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Haele ditshiya tsa koporo tse ka tlung ya Jehova, le didulwana, le letsha la koporo le ka tlung ya Jehova, Bakalde ba di robaka dikoto, ba isa koporo ya tsona Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:13
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hirame a bopa ditshiya tse pedi tsa lethose; bolelele ba e nngwe le e nngwe e le dimethara tse robedi, botenya e le dimethara tse ka bang hlano le halofo.


‘Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala,’ ho rialo Morena.


Jwalokaha Morena a ne a ile a bolela, Nebukadenesare a hahara matlotlo wohle a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A pshatla dintho tsohle tsa kgauta, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di etseditse Tempele ya Morena.


Kapele ho Tempele a haha ditshiya tse pedi, tseo bolelele ba tsona e neng e ka ba dimethara tse leshome le metso e tsheletseng. Tshiya e nngwe le e nngwe e ne e ena le kotola eo bophahamo ba yona e neng e ka ba dimethara tse pedi le halofo.


Thepa yohle ya Tempele ya Morena, e kgolo le e nyenyane, le matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a kgosi, le a mahosana a yona, tsena tsohle a di isa Babilona.


O tla e etsetsa dithotobolo tsa yona, le dikgarashwana tsa yona, le dinwelo tsa yona, le difereko tsa yona tse hlabang nama, le dipane tsa yona; thepa yohle ya yona e etswe ka lethose.


‘Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala,’ ho rialo Morena.


Maruo wohle a motse ona, le tsohle tse sebeditsweng ka thata, le dintho tsohle tsa bohlokwa, le matlotlo wohle a dikgosi tsa Juda, tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona. Dira di tla di hapa, di di nke, di ye le tsona Babilona.


Sera se nanabeditse letsoho la sona, sa le nanabetsa, sa nka maruo wohle a yona; Jerusalema e bone baditjhaba ba kena, ba kena ka Sehalalelong sa yona, bona bao o neng o laetse, o itse ba se kene phuthehong ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ