Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:11 - BIBELE

11 Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:11
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ileng ba phonyoha saboleng a ba thopa, a ba isa Babilona, moo e ileng ya eba bahlanka ba hae, le ba bara ba hae, ho fihlela puso e nkwa ke Peresiya.


Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo.


makgomo a rona a ke a emare, a se folotse kapa a shwelwa ke manamane, ho se be diboko mabaleng a motse.


Ka lebaka lena, Morena o bua tjena: Ke tla neelana ka motse ona matsohong a Bakalatiya, le matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme o tla o hapa.


Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, a ba isa Babilona hammoho le ba neng ba ile ba ineela ho yena, le masalla wohle a setjhaba.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema.


Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya Nebukadenesare, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa Bajuda ba makgolo a supileng le mashome a mane a metso e mehlano; kaofela ya eba batho ba dikete tse nne le makgolo a tsheletseng.


Ere ho bona: ‘Ke nna sesupo sa lona.’ “Jwalokaha ke entse ho wena, le ho bona ke tla etsa jwalo; ba tla tsamaya, ba ye bothopuweng.


Baphaphathehi ba hae bohle le mabotho a hae wohle, batho bana kaofela ba tla bolawa ka sabole, masalla a bona a qhalanyetswe hohle lefatsheng, mme le tla tseba hore ke nna Morena ya buileng jwalo.’ ”


Ere ha matsatsi a hao a thibella a fetile, o tjhese sehlopha se le seng sa tsena tse tharo tsa moriri wa hao, o se tjhese o le kahara motse. O nke sehlopha sa bobedi sa moriri wa hao, o o ale ho potapota motse, ebe o o otla ka sabole. Sehlopha sa boraro o se hasanyetse moyeng, mme ke tla se fedisa ka sabole.


“Wena, hammoho le kgosi ya hao, eo o tla e bea teroneng, Morena o tla o isa setjhabeng seo wena le bo-ntatao le sa kang la se tseba, mme hona teng o tla sebeletsa medimo e meng ya lehong, le ya majwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ