Jwale diketso tse ding tsa Jehoyakime, le manyala ao a ileng a a etsa, le tseo a neng a nyatsuwa ka tsona, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda. Jehoyakine, mora wa hae, a mo hlahlama.
“Ke a le hlapanyetsa,” ho rialo Morena, “Leha eba wena Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, o ne o ka ba lesale le monwaneng wa letsoho la ka le letona, ke ne ke tla o rola.
Ka baka leo, Morena o bua tjena ka Jehoyakime, kgosi ya Juda: ‘Jehoyakime ha a na ho ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida; setopo sa hae se tla lahlelwa ntle, motsheare se tjheswe ke lebatama la letsatsi, bosiu se lalwe ke serame.