Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 24:3 - BIBELE

3 Tsena tsa etsahala ho Bajuda ka taelo ya Morena, hore a tle a ba hleke kapele ho mahlo a hae, ka baka la dibe tsohle tseo Manase a neng a di etse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Efela kannete ke ka taelo ya Jehova taba ena e hlahetseng Juda, e le hore a mo tlose pela hae, ka baka la dibe tsohle tseo Manasse a di entseng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 24:3
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.


Ka baka leo, Morena a halefela Baiseraele haholo, a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, ha se ke ha sala le ya mong, haese ba morabe wa Juda feela.


Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.


ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.


Na ke futuhetse naha ee, ho tla e timetsa, e se ka taelo ya Morena? Morena o ile a re ho nna: Futuhela naha ena, o e timetse!’ ”


Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.


Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae. Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.


Lebotho la Arame e ne e le sehlotshwana sa bahlabani, empa Morena a neelana ka lebotho le leholo la Baiseraele matsohong a Baarame, hobane Baiseraele ba ne ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona. Ka mokgwa ona ba ahlola Jowashe.


Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.


Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi, ke a pholosa ke be ke timetse, nna Morena, tsena tsohle ke a di etsa.


“Ho tloha mohla ba hahang motse ona ho fihlela kajeno, haesale motse ona o mphephetsa hore ke halefe, ke lolome ke bohale, mme jwale ke rerile ho o timetsa;


Ena ke palo ya batho bao Nebukadenesare a ileng a ba thopa: Ka selemo sa bosupa sa puso ya hae ya eba Bajuda ba dikete tse tharo le mashome a mabedi a metso e meraro.


ebe o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Wena motse o itlisetsang timelo ka ho tsholla madi, o itshilafatsang ka ho rapela medingwana ya bohata, nako ya hao e a tla.


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ho madimabe motse o tshollang madi, o kang pitsa e tletseng mafoome, pitsa e sa ke be e falwe! Tshola maqa a ka pitseng, o a tshole ka bonngwe, o a tshole o sa a laole ka lotho.


Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo?


Emang, le tsamaye, le tlohe mona! Baka sena hase sa lona sa ho phomola, ka baka la hobane se silafetse, se senyehile, se ke ke sa hlola se loka.


“Jwalokaha Morena a ne a thabele ho le atlehisa, le ho le ngatafatsa, ka mokgwa o jwalo Morena o tla thabela ho le timetsa, mme le tla tloswa lefatsheng leo le yang ho lona hore e be la lona.


Morena a halefa, a ba bohalehale, a ba phahla naheng ya bona, mme ka kgalefo e kgolo a ba lelekela naheng esele moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.’


Jwalokaha dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a neng a le tshepisitse tsona, di ile tsa phethahala, ka mokgwa o jwalo Morena o tla le tlisetsa tsohle tse mpe, ho fihlela a le timetsa naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ