Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 24:12 - BIBELE

12 Jehoyakine, kgosi ya Juda, a tswa motseng, a ya ineela ho kgosi ya Babilona, a ena le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le bahlanka ba hae ba mahaole. Kgosi ya Babilona ya mo thopa ka selemo sa borobedi sa puso ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 24:12
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba bang ba bara ba hao, ba tla tswalwa ke wena, ba tla thopuwa, e yo ba bahlanka ka tlung ya kgosi ya Babilona.”


Ha balaodi bao ba mabotho a hae ba ntse ba etseditse motse oo thibella, Nebukadenesare a itlisa ka nama.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.


Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema.


Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema.


Motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi, ho ne ho ena le monna wa Mojuda, ya bitswang Moredekai, mora wa Jaire, setloholo sa Shimei, setloholwana sa Kishe wa Mobenjamine.


Monna eo o ne a ile a thopuwa Jerusalema le bathopuwa ba neng ba thopilwe mmoho le Jekoneya, kgosi ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a ileng a ba thopa.


Kahoo thohako e aparetse lefatshe, baahi ba lona ba jere molato wa bona, ba tjheswa ke lebatama, ho sale ba mmalwana.


Ere ho kgosi le ho mofumahadi, mmakgosi: “Theohang diteroneng le ikokobetse, hoba le rodisitswe mefapahlooho ya tlotla.”


Ha Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a se a thopile Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, le mahosana a Juda, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala, a ba tlositse Jerusalema, a ba isa Babilona, Morena a mpontsha diroto tse pedi tsa feiye, tse beilweng kapele ho Tempele ya Morena.


Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa pele sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, malebana le setjhaba sa Juda.


eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a sa kang a e nka ha a ne a thopa Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, a mo thopa Jerusalema, a mo isa Babilona, le mahosana wohle a Juda le Jerusalema;


Ka baka leo, Morena o bua tjena ka Jehoyakime, kgosi ya Juda: ‘Jehoyakime ha a na ho ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida; setopo sa hae se tla lahlelwa ntle, motsheare se tjheswe ke lebatama la letsatsi, bosiu se lalwe ke serame.


Kgosi Sedekiya, mora wa Josiya, a etswa kgosi ya Juda ke Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo nea setulo sa Koniya, mora wa Jehoyakime.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema.


Ena ke palo ya batho bao Nebukadenesare a ileng a ba thopa: Ka selemo sa bosupa sa puso ya hae ya eba Bajuda ba dikete tse tharo le mashome a mabedi a metso e meraro.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mehlano, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng, sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi, e leng selemo sa bohlano kgosi Jehoyakine a thopilwe,


“Botsa setjhaba sena sa bafetohedi, o re: ‘Na ha le tsebe se bolelwang ke ntho tsee? Bonang mona, kgosi ya Babilona e ile ya fihla Jerusalema, ya thopa kgosi ya Jerusalema le mahosana a yona, bohle ya ba isa Babilona.


Ya qotha lehlahla le le hodimodimo, ya ya le lona naheng ya bahwebi, ya le hloma kahara motse wa bahwebi.


Kajeno fate sena se lenngwe hara lehwatata, mobung o omeletseng, sebataolong.


“Wena, hammoho le kgosi ya hao, eo o tla e bea teroneng, Morena o tla o isa setjhabeng seo wena le bo-ntatao le sa kang la se tseba, mme hona teng o tla sebeletsa medimo e meng ya lehong, le ya majwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ