Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:8 - BIBELE

8 Kgosi Josiya a leleka baprista bohle metseng ya Juda, a silafatsa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, moo baprista bao ba neng ba tjhesetsa mokubetso teng, e leng ho tloha Geba ho ya fihla Beeresheba. A heletsa dibaka tsa borapedi tse dikgorong tsa metse eo, e leng monyakong wa Kgoro ya Joshua, mookamedi wa motse, e neng e le ka letsohong le letshadi la kgoro ya motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A lata le baprista bohle metseng ya Juda, a silafatsa dinqalo tse diphahameng, moo baprista ba neng ba tjhesa dibano, ho qala Geba, ho ya fihla Beerseba; a diha le dinqalo tse diphahameng tse dikgorong, e nngwe e le pela monyako wa Joshua, modisa wa motse, e nngwe e le ka ho le letshehadi la motho ha a kena ka monyako wa motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:8
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.


Ka baka leo, sebaka seo sa bitswa Beeresheba, hobane ke moo bobedi ba bona ba ileng ba hlapanyetsana teng.


Kgosi Asa a etsa kgoweletso e akaretsang bohle ba naheng ya Juda, hore ba thothe majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheleditse Rama ka tsona; yaba ka tsona o haheletsa Geba e Benjamine, le Misepa.


Ha Elia a bona taba di le mosenekeng, a ema, a baleha hore a tle a pholohe, a ba a ya fihla Beeresheba e naheng ya Juda, mme a siya mohlanka wa hae hona moo.


Naheng ya ba morabe wa Benjamine ba abelwa Geba le makgulo a yona, le Alemete le makgulo a yona, le Anatote le makgulo a yona. Kaofela metse ya bona, ho ya ka malapa abo bona, e ne le leshome le metso e meraro.


Ha se etswa lekgalong sa re: “Bosiung bona ke tla ya emisa Gobe.” Rama e tetemisa dirope, e a thothomela, Gibea ya Saule yona e a baleha.


“ ‘Ha e le Balevi ba ileng ba emella hole le nna ha Baiseraele ba kgeloha, ba kgeloswa ho nna ke ho latela medingwana ya bona ya bohata, ba tla otlelwa bokgopo boo ba bona.


Le se mpatle Bethele, le Gilegale le se kene, leha e le ho fetela Beeresheba, hoba Gilegale e tla fela e thoptjwe, Bethele yona e fetohe nanaola.”


Naha yohle e tla ba lehwatata ho tloha Geba ho ya fihla Rimone, ka borwa ho Jerusalema. Empa Jerusalema e tla phahamiswa, e nne e be tulong tsa yona, e leng ho tloha Kgorong ya Benjamine ho ya fihla Kgorong ya Pele, le ho ya Kgorong ya Sekgutlo; le ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla ditlhotlelong tsa veine tsa kgosi.


le Kefare-Amoni, le Ofeni, le Geba. Ke metse e leshome le metso e mmedi.


Naheng ya morabe wa Benjamine ya eba Gibeone le makgulo a yona, le Geba le makgulo a yona,


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ