Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:5 - BIBELE

5 A leleka baprista ba bohata, bao dikgosi tsa Juda di ileng tsa ba hlomamisa ho tjhesa mokubetso dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema. A leleka ba neng ba tjhesetsa Baale mokubetso, ba o tjhesetsa le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng tshweu tsohle tsa lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A leleka baprista ba ditshwantsho ba neng beilwe ke marena a Juda ho tjhesa dibano nqalong tse diphahameng, metseng ya Juda, le mathokong a Jerusalema; a leleka le ba tjhesetsang Baale, le letsatsi le kgwedi, le dihlopha tsa dinaledi, le makgotla wohle a lehodimo dibano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:5
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A hahela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi dialetare mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena.


A boela a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo ntatae Hesekiya a neng a ile a di heletsa. A tsosa dialetare tsa bo-Baale; a etsa ditshwantsho tsa Ashera, a kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, a di sebeletsa.


A thua dialetare tsa bo-Baale, a heletsa le ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tse neng di le kahodimo ho tsona. A senya ditshwantsho tsa Ashera , le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. Tsena a di silakanya, a di etsa thuethue, mme a e qhalla hodima mabitla a batho ba neng ba di etsetsa mahlabelo.


Na o ka hlahisa dinaledi ka dinako tsa tsona, wa tsamaisa Bere le naletsana tsa yona?


Yaba Morena o re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bona seo ba se etsang? Na o bona manyala ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang moo, e le hore ke tle ke suthelle hole le Sehalalelo sa ka? Empa ako hetle hape, mme o tla bona manyala a mabe ho feta ana.”


Baahi ba Samaria ba tla thothomela, ba thothometswe ke manamane, manamane a Bete-Afene. Tjhaba sa Samaria se tla llela namane eo, baprista ba yona le bona ba e llele, bona baprista ba neng ba e thabetse, ba nyakalletse tlotla ya namane, tlotla e seng e tlositswe, e tlositswe ho yona.


“Ke tla otlolla tsoho la ka, ke le otlollele hodima Juda, ke le otlollele le hodima Jerusalema. Masalla wohle a Baale ke tla a fedisa, ke a fedise sebakeng sena, le baprista ba bohata ke ba fedise;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ