Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:30 - BIBELE

30 Bahlanka ba hae ba nka setopo sa hae Megido, ka kariki ya ntwa, ba se isa Jerusalema, ba se epela lebitleng la hae. Setjhaba sa naha eo sa tlotsa Jehowakase, mora wa hae, sa mmea hore e be kgosi, a hlahlame ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Yaba bahlanka ba hae ba tloha Megiddo, ba mo isa Jerusalema ka koloi, a se a shwele, mme ba mo pata lebitleng la hae. Yaba setjhaba sa lefatshe la Juda se nka Joakase, mora Josiase; ba mo tlotsa, ba mmea morena tulong tsa ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:30
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sohle sa Juda sa bea Asariya setulong sa Amasia, ntatae. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.


Empa setjhaba sa naha eo sa bolaya bohle ba ileng ba rera kgosi Amona, mme sa bea Josiya, mora wa hae, hore e be kgosi.


‘Ka baka leo he, ke tla o isa ho bo-ntatao, o phomole lebitleng la hao ka kgotso. O ke ke wa bona koduwa eo ke tla e dihela hodima sebaka sena.’ ” Yaba ba isetsa kgosi ditaba tsena.


Bahlanka ba hae ba mo nka ka kariki ya ntwa, ba mo isa Jerusalema, ba mo epela lebitleng la hae, ho bo-ntatae, Motseng wa Davida.


Kamora tsena tsohle, ha Josiya a se a lokisitse Tempele, Neko, kgosi ya Egepeta, a futuhela Karakemishe, haufi le Euferatese; yaba Josiya o a mo kgaoletsa.


Ka baka leo, bahlanka ba hae ba mo ntsha ka kariking ya hae ya ntwa, ba mo kenya ka ho ya bobedi eo a neng a tlile le yona, ba mo isa Jerusalema, mme a shwa. A epelwa mabitleng a bo-ntatae. Setjhaba sohle sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba mo llela.


Se lleleng mofu, le kgutsana le se e rwale, le mpe le llele haholo ya thopilweng, hobane ha a ka ke a hlola a kgutla hape, leha e le ho bona fatshe la tswalo ya hae.


Morena o bua tjena malebana le Shalome, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ya ileng a hlahlama ntatae, ya eba kgosi ya Juda, empa jwale ya seng a tlohile sebakeng sena: “A ke ke a hlola a kgutlela sebakeng sena hape.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ