Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:2 - BIBELE

2 Yaba o nyolohela Tempeleng ya Morena, a ena le banna bohle ba Juda, le baahi bohle ba Jerusalema, le baprista, le baporofeta, le setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane. Moo ba ntseng ba utlwa a ba balla mantswe wohle a Buka ya Selekane, e ileng ya fumanwa ka Tempeleng ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Morena a nyolohela tlung ya Jehova, yena le banna bohle ba Juda, le bohle ba ahileng Jerusalema, le baprista le baporofeta, le setjhaba sohle, ba banyenyane le ba baholo; a bala tsebeng tsa bona taba tsohle tsa buka ya selekane e fumanweng ka tlung ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba foufatsa banna ba neng ba le monyako wa ntlo, ba banyenyane le ba baholo, hoo ba bileng ba kgathala ke ho nna ba phopholetsa hore na lemati le hokae.


Ho ne ho se letho kahara areka, haese matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.


Yaba Hilekiya, Moprista e Moholo, o re ho Shafane, eo e neng e le mongodi: “Ke fumane Buka ya Molao ka Tempeleng ya Morena.” Hilekiya a nea Shafane buka eo, mme Shafane a e bala.


Ba dumellana hore bohle ba sa tlo sebeletsa Morena, e ka ba ba baholo kapa ba banyenyane, banna kapa basadi, ba bolawe.


Ba ruta hohle naheng ya Juda, ba nkile Buka ya Molao wa Morena. Ba ya metseng yohle ya Juda ba ntse ba ruta setjhaba.


Ka tsatsi leo batho ba ballwa Buka ya Moshe, mme ha fumanwa moo ho ngotsweng hore le ka mohla ho se be le ya mong wa Baamone le wa Bamoabe ya ka dumellwang ho kena phuthehong ya Modimo,


Ba qeta dihora tse tharo ba ntse ba eme, ba ballwa Bukeng ya Molao wa Morena Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo ba ipolela dibe, mme ba kgumamela Morena Modimo wa bona.


Ha matsatsi ana a se a fetile, kgosi ya etsetsa setjhaba sohle sa yona mokete motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi. Mokete ona wa etsetswa mahosana le bafo, mme wa qeta matsatsi a supileng. O ne o tshwaretswe mabaleng a serapa sa ntlo ya kgosi.


Ba hlomphehang le ba eisehang ba a lekana, kgoba le holotswe kgobeng ba monga lona.”


a hlohonolofatse bohle, bohle ba tshabang Morena, ba banyenyane mmoho le ba baholo.


Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia le etswa ho Morena, kamora hoba kgosi Sedekiya a etse selekane le setjhaba sohle se neng se le Jerusalema, e leng selekane sa hore ho phatlalletswe makgoba tokoloho.


Ka fumana thuso ya Modimo, ho fihlela ka letsatsi lena ke ntse ke eme ho paka ho ba baholo le ba banyenyane, ho se letho leo ke le bolelang ntle ho tseo baporofeta le Moshe ba itseng di tla etsahala;


“Nkang Buka ena ya Molao, le e bee pele areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e le hore e be moo, e le paki e le tswang.


Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.


ba hapile basadi ba moo, empa ba sa bolaya motho, ebang ke e moholo kapa ke e monyenyane. Ba ne ba ba hapile, ba ile ka bona.


Yare hoba ba ise areka moo, Morena a hlahisetsa motse oo tsietsi e kgolo. A otla banna ba motse oo, ba baholo le ba banyenyane; ba tswa mathopa a mokoteng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ