Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:19 - BIBELE

19 Le ditempelana tse neng di le dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo dikgosi tsa Iseraele di neng di halefise Morena ka ho di haha metseng ya Samaria, Josiya a di heletsa, a di etsa seo a ileng a se etsa Bethele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Le matlo wohle a dinqalo tse diphahameng, tse metseng ya Samaria, tse entsweng ke marena a Iseraele, ho halefisa Jehova ka tsona, Josiase a a tlosa, a etsa ka wona kahohle kamoo a entseng Bethele kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:19
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jeroboame a haha ditempele moo ho rapellwang medimo ya bohata teng, mme hara setjhaba a ikgethela bao e seng bara ba Levi, hore e be baprista.


Mantswe ao, ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, a ileng a omanya aletare e Bethele ka wona, le ditempele tsohle tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Samaria, ruri a tla phethahala.”


Akabe a etsa le setshwantsho sa Ashera, a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, hoo a ileng a mo halefela ho feta dikgosi tsohle tse bileng teng pele ho yena.


Ka sekgukgu bana ba Iseraele ba etsa dintho tse sa kgahliseng Morena Modimo wa bona. Ba ikgahela dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng yohle ya bona, e menyenyane le e meholo.


A etsa sehlabelo sa setjheso ka mora wa hae, a sebedisa boloi, le bonohe, mme a sebedisana le mathuela, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.


Kahobane mosadi wa hae e ne e le moradi wa Akabe, a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsohle tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, mme a etsa bobe mahlong a Morena.


Ha tsena tsohle di se di phethilwe, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ya metseng ya Juda. Ba fihla ba thua difika tseo ba di kgumamelang, ba senya le ditshwantsho tsa Ashera, ba heletsa dibaka tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, ba heletsa le dialetare naheng yohle ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine, le ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho fihlela tsohle di sentswe. Jwale bana bohle ba Iseraele ba kgutla, e mong le e mong a ya ha habo, motseng wa habo.


Ba mo phephetsa ka ho ikahela dibaka tsa borapedi, ba mmakela lefufa ka medimo ya bona, medimo ya bona ya bohata.


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ