2 Marena 23:15 - BIBELE15 Le aletare e neng e le Bethele, le sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, se neng se hahwe ke Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, le yona, hammoho le sebaka seo sa borapedi, a di thua, a tjhesa sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, a se etsa thuethue; a tjhesa le ditshwantsho tsa Ashera. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)15 Le aletare e Bethele le nqalo e phahameng e neng e entswe ke Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele, ke re, aletare eo le nqalo e phahameng ya teng, a di qhaqha, a tjhesa nqalo e phahameng, a e tula ya eba lerole; a ntoo tjhesa le ashera ya teng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ho latela taelo ya Morena, moporofeta eo a omanya aletare, a re: “Aletare towe! Aletare towe! Morena o bua tjena: ‘Bona, ho tla tswalwa ngwana tlung ya Davida, mme lebitso la hae e tla ba Josiya. O tla etsetsa Morena mahlabelo ka baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba tjhesetsang mokubetso hodima hao. Masapo a batho o tla a tjhesetsa hodima hao.’ ”
Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele.