13 Dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tse neng di le pela Jerusalema, ka letsohong le letona ho Thaba ya Tshenyeho, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di hahetse Asetarote, manyala a Basidone; le Kemoshe, manyala a Bamoabe; le Milekome, manyala a bana ba Amone; tsena tsohle ya di silafatsa.
13 Le nqalong tse diphahameng tse pela Jerusalema, ka ho le letona ho thaba ya Tahleho, tseo Salomone, morena wa Iseraele, a neng a di hahetse Ashtarothe, manyala a Basidone, le Kemoshe, manyala a Moabe, le Milkome, mayala a bana ba Ammone, tsa silafatswa ke morena.
Ke kahobane Solomone o mphuraletse. O kgumametse Asetarote, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milekome, modimo wa Baamone. Ha a ya tsamaya ka ditsela tsa ka, ha a ya etsa ho lokileng mahlong a ka, mme ha a ya boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, jwalokaha Davida, ntatae, yena a ile a di boloka.
Hodima leralla le ka botjhabela ho Jerusalema, Solomone a hahela Kemoshe, e leng manyala a Moabe, le Milekome, e leng manyala a Baamone, aletare ya mahlabelo.
Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba.
Ha ho ya keng a inahane, ha ho ya nang le tsebo kapa kutlwisiso ya ho re: “Ke besitse mollo ka patsi e nngwe, ka pheha bohobe ka mashala a yona, ka besa le nama ka ba ka e ja. Na nka etsa modingwana ka patsi e setseng? Na nka obamela sekoqo sa patsi?”
Palo ya medimo ya lona, lona baahi ba Juda, e kaalo ka palo ya metse ya lona; le palo ya dialetare tseo le di hahetseng ntho e hlabisang dihlong ena, e kaalo ka palo ya diterata tsa Jerusalema, e leng dialetare tseo ho tsona le tjhesetsang Baale mokubetso.
Kaha le tshepile ketso tsa lona le maruo a lona, le lona Bamoabe le tla thopuwa; Kemoshe le yena o tla thopuwa; a thopuwe le baprista ba hae, a thopuwe le mahosana.
bona ba obamang ba le hodima matlo, bona ba obamang, ba kgumamela dinaledi, ba kgumamela kgwedi, ba kgumamela letsatsi, bona ba obamang, ba hlapanye ka bitso la Morena, empa ba ntse ba hlapanya le ka Milekome.
O madimabe hakaakang, wena Moabe! Le timetse lona, tjhaba sa Kemoshe! O tlohetse bara ba hae ho ba baphaphathehi, baradi ba hae ho ba batshwaruwa, batshwaruwa ba Sihone, kgosi ya Baamore.
Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa.
Ruri seo modimo wa lona Kemoshe a le neileng sona ke sa lona; le rona re hapa naha ya e mong le e mong eo Morena Modimo wa rona, a mo lelekileng kapele ho rona.
Ba ipiletsa ho Morena, ba re: ‘Re sitilwe, hobane re furaletse Morena. Re sebeleditse bo-Baale, le bo-Asetarote. Empa jwale ako re namolele matsohong a dira tsa rona, mme re tla o sebeletsa.’