Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 22:2 - BIBELE

2 Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a ya le ka mehlala yohle ya ntatae Davida, a se ke a kgelohela ho le letona leha e le ho le letshehadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 22:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haeba o ka mamela tsohle tseo ke o laelang tsona, wa tsamaya ka ditsela tsa ka, wa etsa ho lokileng mahlong a ka, ka ho boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha Davida, mohlanka wa ka, a ile a etsa, ke tla ba le wena. Ke tla tiisa lelapa la hao, jwalokaha ke ile ka tiisa la Davida, mme ke o nee setjhaba sa Iseraele.


Asa a etsa ho lokileng mahlong a Morena, jwaloka Davida, ntataemoholo.


kahobane ka matsatsi wohle a bophelo ba hae Davida o ile a etsa ho lokileng mahlong a Morena, a se ke a kgeloha letho la ditaelo tseo Morena a mo laetseng tsona, haese feela tabeng ya Uriya wa Mohete.


Solomone a re: “O bile mohau haholo ho ntate, ho Davida mohlanka wa hao, hobane le yena a ile a tshepahala ho wena, a etsa tse lokileng, a hloka mano. Le kajeno o sa mmontshitse mohau ona o moholo, ka ho bea mora wa hae teroneng.


feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, sa tjhesetsa mokubetso hona teng.


Amasiya a kgahlisa Morena, feela e seng jwaloka Davida, ntataemoholo. A tsamaya mehlaleng ya Jowashe, ntatae;


Akase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng a le Jerusalema. Ha a a ka a kgahlisa Morena Modimo wa hae, jwalokaha Davida, ntataemoholo, yena a ile a kgahlisa Morena.


Hesekiya a etsa tse lokileng mahlong a Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa.


Morena a ba le Jehoshafate, hobane a ne a ile a tsamaya mehlaleng ya pele ya Davida, ntatae-moholo, a se ke a sebeletsa bo-Baale,


Hesekiya a kgahlisa Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa.


Hesekiya o ile a etsa jwalo naheng yohle ya Juda, a etsa se molemo, le se lokileng, le seo e leng nnete kapele ho Morena Modimo wa hae.


Josiya o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong, a le Jerusalema.


Ngwana o tsejwa ka ketso tsa hae, e ka ba tse ntle, e ka ba tse lokileng.


Se kgelohele ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, mehato ya hao e o phemise bokgopo.


Mehleng ya puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Sofonea, mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedaleya, Gedaleya ya tswalwang ke Amariya, Amariya ya tswalwang ke Hesekiya.


“Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.


Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ