Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 22:16 - BIBELE

16 Ke tla dihela sebaka sena le baahi ba sona koduwa, ho ya ka dipolelo tse ngotsweng bukeng eo kgosi ya Juda e tswa e bala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ho itswe ke Jehova: Bona, ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka ho latela mantswe wohle a buka e badilweng ke morena wa Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 22:16
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

‘Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala,’ ho rialo Morena.


Moporofeta a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Bolellang monna ya le rommeng ho nna, le re:


Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta.


Ka baka lena, Morena o bua tjena: “Ke tla ba dihela koduwa eo ba ke keng ba e phema. Leha ba ka ipiletsa ho nna ha nka ke ka ba mamela.


Ka baka leo, kgalefo ya Morena e ile ya tlokomela naha eo, a e tlisetsa dithohako tsohle tse ngotsweng kahara buka ena.


le hle le tsebe hore Morena Modimo wa lona, a ke ke a hlola a falatsa ditjhaba tsena kapele ho lona. Ditjhaba tseo e tla ba leraba le sefi ho lona, le phafa dikgopong tsa lona, le meutlwa ka mahlong a lona, ho fihlela le timela naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.


Jwalokaha dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a neng a le tshepisitse tsona, di ile tsa phethahala, ka mokgwa o jwalo Morena o tla le tlisetsa tsohle tse mpe, ho fihlela a le timetsa naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.


Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ