2 Marena 22:13 - BIBELE13 “Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le setjhaba, le morabe wohle wa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, kaha bo-ntata rona ba sa ka ba mamela mantswe a buka ena, leha e le ho phetha tse ho itsweng re di etse.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)13 Eyang, le mpotsetse Jehova, bakeng sa ka le sa setjhaba le bakeng sa Juda yohle, hodima ditaba tsa buka ena e fumanweng; etswe Jehova a re halefetse haholo ka baka la hobane bontata rona ha ba ka ba mamela ditaba tsa buka ena, mme ha ba ka ba etsa le ka tsohle tseo re di ngoletsweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le masalla a Iseraele, le a setjhaba sa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, hobane bo-ntata rona ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena ka ho se phethe tsohle tse ngotsweng bukeng ena.”
Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.