Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 22:10 - BIBELE

10 Shafane, eo e neng e le mongodi, a bontsha dikgosi buka, a re: “Buka ena ke e neilwe ke Hilekiya, Moprista e Moholo.” Yaba Shafane o e balla kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Shafane, mongodi, a ntoo tsebisa morena, a re: Moprista Hilkia o nneile buka e nngwe. Ebile moo Shafane a e balang pela morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 22:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona.


Jwale Shafane eo e neng e le mongodi, a fihla ho kgosi, a e tliseditse molaetsa, a re: “Bahlanka ba hao ba bokeletse tjhelete e neng e le ka Tempeleng. Ba e neile basebetsi ba hlokomelang Tempele ya Morena.”


Shafane eo e neng e le mongodi, a bolella kgosi, a re: “Moprista Hilekiya o nneile buka ena.” Yaba Shafane o e balla kgosi.


Ka tsatsi leo batho ba ballwa Buka ya Moshe, mme ha fumanwa moo ho ngotsweng hore le ka mohla ho se be le ya mong wa Baamone le wa Bamoabe ya ka dumellwang ho kena phuthehong ya Modimo,


Ka letsatsi le leng le le leng, ho tloha ka letsatsi la pele, ho fihlela ka letsatsi la ho qetela, Esera a nna a bala Buka ya Molao wa Modimo. Setjhaba sa keteka mokete oo ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi ya eba phutheho e halalelang, ho ya ka Molao.


Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.


Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: ‘Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona!’ Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong.


Ere ho kgosi le ho mofumahadi, mmakgosi: “Theohang diteroneng le ikokobetse, hoba le rodisitswe mefapahlooho ya tlotla.”


Yaba Mmikiya o ba bolella mantswe wohle ao a a utlwileng a balwa ke Baruke bukeng, moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.


Mahosana a re ho yena: “Dula fatshe, o re balle buka, re utlwe.” Baruke a a balla yona.


Kgosi ya roma Jehudi ho ya lata buka, mme a e nka ka kamoreng ya Eleshama, mongodi wa puso. Jehudi a e balla kgosi le mahosana a neng a ena le kgosi.


ka baka leo, wena tsamaya, o yo bala ditaba tseo o di ngotseng bukeng di etswa molomong wa ka, e leng mantswe a Morena; o di balle ka Tempeleng ya Morena, moo setjhaba se ntseng se utlwa, mohla letsatsi la ho itima dijo. O be o di balle le bohle ba morabe wa Juda ba tswang metseng ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ