Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 22:1 - BIBELE

1 Josiya o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jedida, moradi wa Adaya, ya tswang motseng wa Bosekate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Josiase o ne a le dilemo tse robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Jedida, moradi wa Adaia wa Botskathe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 22:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho latela taelo ya Morena, moporofeta eo a omanya aletare, a re: “Aletare towe! Aletare towe! Morena o bua tjena: ‘Bona, ho tla tswalwa ngwana tlung ya Davida, mme lebitso la hae e tla ba Josiya. O tla etsetsa Morena mahlabelo ka baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba tjhesetsang mokubetso hodima hao. Masapo a batho o tla a tjhesetsa hodima hao.’ ”


Jowashe o ne a ena le dilemo tse supileng ha a qala ho busa.


Manase o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hefesiba.


Empa setjhaba sa naha eo sa bolaya bohle ba ileng ba rera kgosi Amona, mme sa bea Josiya, mora wa hae, hore e be kgosi.


Amona a epelwa lebitleng la hae, tshimong e bitswang ya Usa, mme Josiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Morena, monga rona, lebitso la hao le tlotleha hakaakang, le tlotleha lefatsheng lohle! Kganya ya hao, e kahodimo ho mahodimo,


Ho madimabe naha e buswang ke kgosi ya moshanyana, eo mahosana a vona a ketekang e sa le hoseng!


Baokamedi ba bona e tla ba bashanyana, tlokotsebe tsa bana e be babusi ba bona.


Lentswe la Morena le ne le mo fihlele mehleng ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya hae;


“Empa ha monna enwa a ena le mora ya bonang dibe tsohle tseo ntatae a di etsang, mme leha a di bona yena a sa di etse:


Mehleng ya puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Sofonea, mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedaleya, Gedaleya ya tswalwang ke Amariya, Amariya ya tswalwang ke Hesekiya.


Hesekia a tswala Manase, Manase a tswala Amose, Amose a tswala Josiya,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ