Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 21:7 - BIBELE

7 Setshwantsho se betlilweng sa Ashera, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema, eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumemellwa teng kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A hloma setshwantsho se betlilweng sa Ashtarothe, seo a se entseng, ka tlung eo Jehova a neng a itse ho Davida le ho mora hae Salomone: Ke tla nne ke bee lebitso la ka kamehla tlung eo le Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona melokong yohle ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 21:7
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla nkgahela ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae kamehla yohle.


Bosui le motsheare mahlo a hao a ke a lebele ntlo ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: ‘Nna ke tla ba teng mona.’ Ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a le sebakeng sena.”


“Ha setjhaba sa hao se futuhela dira tsa sona, hohle moo o ka se romelang teng, mme se rapela se tadimile motseng oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke o hahetseng yona,


Morena a re ho Solomone: “Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao, tseo o di entseng ho nna. Ke halaleditse ntlo ena, eo o e hahileng hore e be ya ka kamehla yohle. Ke tla e lebela, ke e boulele kamehla yohle.


ke tla falatsa Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona. Ntlo ena, eo ke e halaleditseng ho tlotla lebitso la ka, ke tla e furalla, mme Baiseraele e tla ba sesomo le pale hara ditjhaba tsohle.


Moprista Uriya a haha aletare eo ho ya ka diqaqiso tsohle tseo kgosi Akase a ileng a di romela a le Damaseka. Yaba o haha aletare eo kgosi Akase a eso kgutle Damaseka.


A haha le dialetare ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona, a re: “Ke tla kgumamellwa Jerusalema.”


Morena a re: “Ke tla hleka Juda kapele ho sefahleho sa ka, jwalokaha ke ile ka hleka Iseraele, le motse ona wa Jerusalema, oo ke o kgethileng, ka re: ‘Ke tla kgumamellwa ho wona,’ le wona ke tla o lahla.”


Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele.


A ntsha setshwantsho sa Ashera se ka Tempeleng ya Morena e Jerusalema, a se isa molatswaneng wa Kiderone, a se tjhesetsa teng, a se etsa thuethue, mme molora wa sona a o qhalla hodima mabitla a motse.


A tlosa medimo ya baditjhaba, le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bohata ka Tempeleng ya Morena. A heletsa le dialetare tsohle tseo a neng a di hahile thabeng eo Tempele ya Morena e neng e hahilwe ho yona, le Jerusalema; a di lahlela kantle ho motse.


Setshwantsho se betlilweng sa modimo wa bohata, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida, le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumamellwa teng kamehla yohle.


Empa ke kgethile Jerusalema hore ke tle ke kgumamellwe teng, mme ke kgethile Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’


Jwale Morena a iponahatsa ho yena, bosiu, a re: “Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke ikgethetse sebaka sena hore e be Tempele eo ke tla etsetswa mahlabelo ho yona.


Ke kgethile Tempele ena, ka e halaletsa, e le hore ke tle ke dule ka ho yona kamehla yohle. Ke tla e baballa, ke e rate kamehla yohle.


ke tla falatsa Baiseraele naheng ena ya ka, eo ke ba neileng yona. Tempele ena, eo ke e ikgalaleditseng yona, ke tla e furalla, mme e tla ba pale le sesomo hara ditjhaba tsohle.


Empa haeba le ka kgutlela ho nna, mme la boloka melao ya ka, la e phetha, leha eba ke ile ka le hasanyetsa dipheletsong tsa lefatshe, ke tla le bokella le le hona moo, ke le kgutlisetse sebakeng seo ke se kgethileng, hore ke kgumamellwe ho sona.’


Ako hopole phutheho ya hao eo e bileng leruo la hao, leruo la hao ho tloha kgale, eo o e lopolotseng, moloko oo e leng lefa la hao; le thaba ya Sione eo o ahileng ho yona.


Ba mo phephetsa ka ho ikahela dibaka tsa borapedi, ba mmakela lefufa ka medimo ya bona, medimo ya bona ya bohata.


Ba ile ba bea medimo ya bona e nyonyehang ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka, mme ba e silafatsa.


“ ‘Bana ba Juda ba entse bokgopo mahlong a ka, ho rialo Morena. Ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka ba kentse manyala a bona, hore ba e silafatse.


Le nna ba nkentse tjena: Ka lona tsatsi leo ba silafaditse Sehalalelo sa ka, ba hlompholla Disabatha tsa ka.


“Le se ke la iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera pela aletare ya Morena Modimo wa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ