Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 21:21 - BIBELE

21 A tsamaya mehlaleng yohle ya ntatae, a sebeletsa medingwana ya bohata, a e kgumamela, jwalokaha ntatae a ne a ile a e sebeletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 A ya le ka mehlala yohle eo ntatae a ileng ka yona, a sebeletsa ditshwantsho tse sebeleditsweng ke ntatae, a di kgumamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 21:21
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Manase, kgosi ya Juda, o entse manyala ana, o bile o entse le bokgopo bo fetang ba Baamore, ba bileng teng pele ho yena, mme o entse hore ba morabe wa Juda ba etse sebe ka ho rapela medingwana ena ya hae ya ditshwantsho.


A etsa bobe mahlong a Morena, a latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.


Amona a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ne a ile a etsa.


A furalla Morena Modimo wa bo-ntatae, a se ke a tsamaya ka tsela ya Morena.


Dialetare tse neng di le hodima marulelo a ntlo e kahodimo, ya Akase, tse neng di hahilwe ke dikgosi tsa Juda, le dialetare tseo Manase a neng a di hahile mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena, kgosi ya di heletsa, ya di thua, ya lahlela kumokumo ya tsona ka molatswaneng wa Kiderone.


Kahodima mona, dinohe, le baloi, le medingwana ya malapa, le medingwana ya bohata, le dintho tsohle tse nyonyehang, tse neng di le teng naheng ya Juda le Jerusalema, Josiya a di fedisa, e le hore a phethahatse mantswe a Molao, a neng a ngotswe bukeng eo Hilekiya a ileng a e fumana ka Tempeleng ya Morena.


Jehowakase a etsa bobe mahlong a Morena, ka ho etsa tsohle tseo bo-ntataemoholo ba neng ba di etse.


Jehoyakine a etsa bobe mahlong a Morena, a latela tsohle tseo ntatae a neng a ile a di etsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ