Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 20:20 - BIBELE

20 Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a ileng a etsa letshana, le mosele kateng, a kenya metsi ka motseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Haele taba tse ding tsa Esekiase, le matla a hae wohle, le kamoo a entseng letsha le moedi kateng, a tlisa metsi motseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 20:20
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditaba tse ding tsa Jeroboame, tsa kamoo a ileng a hlabana kateng, le kamoo a ileng a busa kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Rehoboame, le tsohle tseo a ileng a di etsa di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Ditaba tse ding tsa Asa, le bohlabani ba hae, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le metse eo a e hahileng, tsena di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Leha ho le jwalo, botsofading ba hae o ile a holofala maoto.


Diketso tse ding tsa Abiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Abiya le Jeroboame.


Diketso tse ding tsa Pekahiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Asariya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Diketso tse ding tsa Akase di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Jwale kgosi ya Asiria ya romela lebotho le leholo, le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya, a le Jerusalema. Lebotho leo le ne le tswile le mookamedi wa balaodi, le molaodi wa mabotho, le molaodi wa ntwa. Ba nyolohela Jerusalema, ba fihla ba emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pela mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.


Diketso tse ding tsa Josiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Diketso tse ding tsa Jehorame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu, mme a rapela Morena. Morena a mo araba, a mo etsetsa mohlolo.


a eletsana le mahosana le bahale ba hae, hore ho katwe didiba tse neng di le kathoko ho motse, mme ba mo thusa.


Hesekiya a kgelosa metsi a tswang mohloding wa Gihone kahodimo, a a lebisa tlase, ka bophirimela ho Motse wa Davida, mme a atleha mesebetsing ya hae yohle.


Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa ho sebeletsa Modimo, di ngotswe Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Esaya, mora wa Amose, le Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.


Setjhaba se sengata sa kgobokana, sa kata didiba tsohle, sa thiba le metsi a nokana e neng e haola hara naha eo, mme sa re: “Ha dikgosi tsa Asiria di fihla di se ke tsa fumana metsi.”


Yaba ke fetela Monyakong wa Sediba, le Letshaneng la Kgosi, empa ho ne ho se moo phoofolo eo ke neng ke e palame e neng e ka feta le teng.


Nehemia, mora wa Asabuke, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Sure, a latela Shalome; a tsosa karolo ya lerako e tobaneng le mabitla a Davida, ho ya fihla letshaneng, le ho ya fihla Tlung ya Bahale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ