Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 20:12 - BIBELE

12 Ka yona nako eo, Merodake-Baladane, mora wa Baladane, kgosi ya Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Hesekiya, hobane o ne a ile a utlwela tsa ho kula ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mehleng eo, Berodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase; hobane o ne a utlwile hore Esekiase o ne a kile a kula.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 20:12
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Puso ya hae e qalehile Babele, le Ereke, le Akade, le Kalene, naheng ya Shinare.


Ke ka baka leo lebitso la wona ho ileng ha thwe ke Babele, hobane ke moo Morena a ileng a ferekanyetsa puo ya lefatshe lohle teng, mme ho tloha moo Morena a ba qhalanyetsa lefatsheng lohle.


Davida a re: “Hanune, mora wa Nahashe, ke tla mo etsetsa tse molemo, jwalokaha ntatae a ile a nketsetsa tse molemo.” Ka baka leo, Davida a roma bahlanka ba hae ho mo isetsa matshediso, ka baka la lefu la ntatae. Ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone,


a romela mora wa hae Jorame ho Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlotse, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Jorame a isetsa Davida dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka lethose.


Empa Hesekiya a se ke a leboha seo a se etseditsweng, hobane o ne a ikgohomosa. Ka baka lena, kgalefo ya Modimo ya tlokomela yena le setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema.


Empa ha ho fihla maqosa a babusi ba Babilona, a neng a romilwe ho Hesekiya, ho tla batlisisa tsa mohlolo o ileng wa etsahala naheng ya hae, Modimo o ile a mo tlohela, a mmea tekong, hore a tle a tsebe sohle se ka pelong ya hae.


Bona ke boporofeta boo Esaya, mora wa Amose, a neng a bo senolelwe mabapa le Babilona:


Wena Babilona, tlotla ya mebuso, mokgabo oo Bakalatiya ba leng motlotlo ka wona, Modimo o tla o timetsa sa Sodoma le Gomora!


le tle le bine pina ena e somang kgosi ya Babilona: “Bonang kamoo mohatelli a weleng kateng! Bonang kamoo kgalefo ya hae e fedileng kateng!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ