Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 20:1 - BIBELE

1 Mehleng eo, Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: ‘Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 20:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Ahitofele a bona hore ha ho uwe ka keletso ya hae, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya, a ipoella tlung ya hae, motseng wa habo. Ha a se a laile ba lelapa la hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Elia ha a fihla ho kgosi, a re: “Morena o buo tjena: ‘Kahobane o rometse maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, jwalokaha eka naheng ena ya Iseraele ha ho na Modimo eo o ka mmotsang, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao; ke a o tiisetsa o tla shwa!’ ”


Ka lebaka lena, Morena o bua tjena: O ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao, hobane ke a o tiisetsa o tla shwa.’ ” Yaba Elia o a ikela.


Yaba o roma Eliakime, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la hae, le Shebena, eo e neng e le mongodi. Le baprista ba baholo, ba apere tse mahwashe. A ba roma ho moporofeta Esaya, mora wa Amose.


Yaba Esaya, mora wa Amose, o romela molaetsa ho Hesekiya, o re: “Morena Modimo wa Iseraele o bua tjena: ‘Ke utlwile thapelo ya hao malebana le Saneheribe, kgosi ya Asiria.’


Jwale Hesekiya a retelehela leboteng, a rapela Morena, a re:


Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.” Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


E, ke nnete o ne a kulela lefu, empa Modimo o ile a mo hauhela. Ha a a ka a hauhela yena feela, empa le nna o nkgauhetse, esere ka sithabetswa ke maswabi.


hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste o ile a batla a eshwa, feela a sa re letho ka bophelo ba hae, a mpa a iteletse ho ntshebeletsa moo lona le sitilweng ho ntshebeletsa teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ