Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 2:8 - BIBELE

8 Elia a hlobola seaparo sa hae, a se phutha, mme a phutla metsi ka sona. Metsi a arohana, mme bobedi ba bona ba tshela mobung o ommeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Elia a nka kobo ya hae, a e tshopha, a phutla metsi; a arohana kalehare, mme ba tshela ba babedi moo ho omileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 2:8
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Elia a utlwa lentswe leo, a ikgurumetsa ka kobo ya hae, a tswa, a ema monyako wa lehaha. Jwale lentswe la boela la fihla ho yena, la re: “O etsang moo, Elia?”


Yaba Elia o a tsamaya, mme a fumana Elisha, mora wa Shafate, moo ho ntseng ho lengwa ka dipane tse leshome le metso e mmedi tsa dipholo, yena a lema ka sepane sa leshome le metso e mmedi. Elia a fihla a feta pela Elisha, yaba o akgela kobo ya hae hodima hae.


A nka sona seaparo seo sa Elia, se ileng sa wa, a phutla metsi ka sona, a re: “O hokae Morena Modimo wa Elia?” Elisha le yena ha a phutla metsi, metsi ao a arohana, mme a tshela.


Bana ba Iseraele ba ne ba ile ba tsamaya mobung o ommeng kahara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona, le ka letsohong le letshehadi.


Morena o tla pshesa kou ya watle la Egepeta, tsoho la hae le fokise moya o tjhesang hodima Noka, Noka eo a e arole melatswana e supileng, batho ba e tshele ba ntse ba rwetse meqathatso.


Ka tumelo Baiseraele ba ile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja ba tsamaya mobung o ommeng; athe Baegepeta ba ileng ba leka ho ba etsisa, le ile la ba metsa.


Ba tlepetswa ka majwe, ba kgaolwa mmele koto tse pedi, ba bolawa ka sabole. Ba ile ba phailaka ba apere matatana, ba futsanehile, ba hlorisitswe, ba hlekefeditswe.


Lengeloi la botshelela la qhalla lefiswana la lona hodima noka e kgolo ya Euferatese. Metsi a yona a epsha, hore dikgosi tse tswang botjhabela di lokisetswe tsela.


Saule a re ho mosadi: “E sebopeho se jwang?” Mosadi a re: “Ho ropoha monnamoholo ya apereng seaparo se selelele.” Saule a tseba hore efela eo ke Samuele. A obamela fatshe ka sefahleho, ho isa hlompho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ