Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 2:2 - BIBELE

2 Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Bethele.” Empa Elisha a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Kahoo ba theohela Bethele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile mane Bethele. Empa Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Ba theohela Bethele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 2:2
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sebaka seo a se rea lebitso la Bethele; athe pele motse oo o ne o bitswa Lose.


Hoba kgosi Jeroboame a ikeletse, a bopa manamane a mabedi ka kgauta, mme a re ho setjhaba: “Baiseraele, tsela ya Jerusalema le e kutlile, ho lekane! Medimo ya lona ke ena, e le ntshitseng naheng ya Egepeta!”


A bea modimo o mong Bethele, o mong a o bea Dane.


Ka lona letsatsi leo la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, e leng kgwedi eo a neng a ikgethetse yona ka ho rata, a nyehella hodima aletare eo a e hahileng Bethele. A etsetsa bana ba Iseraele mokete; a nyehella hodima aletare, a tjhesa mokubetso.


Ho tloha moo Elisha a nyolohela Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswang motseng ba mo soma, ba re ho yena: “Nyoloha, ralefatla towe! Nyoloha, ralefatla towe!”


Elia a re ho Elisha: “Elisha, sala mona, ke a o rapela, hobane Morena o nthomile Jeriko.” Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Yaba ba ya Jeriko.


Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Jorodane.” Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Ba tswela pele bobedi ba bona.


Yaba mma ngwana o re ho Elisha: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Elisha a ema, a latela mosadi eo.


ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”


Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.


Anna a re: “Oho, monga ka, ke hlapanya ka wena, monga ka, hore ke nna mosadi ya kileng a ema pela hao mona, a rapela Morena.


E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?” Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!”


“Jwale he, monga ka, Morena o o thibetse ho tsholla madi, le ho hlatsa bohale ba hao, ka ho iphetetsa ka letsoho la hao. Ka baka leo, ke hlapanya ka Modimo ya phelang, le ka wena, hore dira tsa hao, le ba o lakaletsang bobe ba tla ba jwaloka Nabale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ