Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 2:19 - BIBELE

19 Banna ba motse wa Jeriko ba re ho Elisha: “Jwalokaha le wena, monga rona, o bona, motse ona o dutse botleng, empa metsi a oona a mabe, le naha ena ke letswatlare.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba banna ba motse ba re ho Elisha: Motse wona o dutse botleng, jwalokaha o bona, monghadi; empa metsi a mabe, mme naha e nyopile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 2:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng eo ya Akabe, Hiele wa Bethele o ile a tsosa motse wa Jeriko. Ha a rala metheo ya marako a motse, a shwelwa ke Abirame, mora wa hae wa matsibolo; ha a haha menyako a shwelwa ke Segube, mora wa hae wa lethopo, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka molomo wa Joshua, mora wa Nune.


Monga ka, na ha o eso utlwe seo ke neng ke se etse ha Jesabele a ne a bolaya baporofeta ba Morena? Ke ne ke pate baporofeta ba Morena ba lekgolo: ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, mme ka ba fepa, ka ba fa metsi.


Ha Obadiya a ntse a tsamaya, a kopana le Elia. Obadiya a mo tseba, yaba o obama kapele ho yena, o re: “Na ke wena Elia, monga ka?”


Ha ba boetse ba kgutlela ho Elisha, ya neng a ntse a setse Jeriko, a re ho bona: “Na ha ke a ka ka re ho lona: ‘Se keng la ya’?”


Elisha a re ho bona: “Ntlisetseng sekotlolo se setjha, le tshele letswai ka ho sona.” Ba mo tlisetsa sona.


Ba fihla Mara, empa ba sitwa ho nwa metsi a Mara, hobane a ne a baba. Ke ka lebaka lena sebaka seo se reilweng lebitso la Mara.


Naheng ya heno ha ho mosadi ya tla senyehelwa, kapa eo e tla ba nyopa; ke tla etsa hore o phele halalele.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Ere ho Arone: ‘Nka molamu wa hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, le hodima dinoka tsa bona, le hodima dinokana tsa bona; le hodima matsha a bona, le hodima metsi a bona wohle a bokellaneng, hore a tle a fetohe madi.’ Ho tla ba le madi naheng yohle ya Egepeta, esita le meruleng le meritshwaneng.”


Oho, Morena, ako ba nee! Ekaba o tla ba nea eng, Morena? Ba nee dipopelo, dipopelo tse senyehelwang! Ba nee matswele, matswele a sa tsweng lebese!


Arone a re ho Moshe: “Oho, morena ka, se ke wa re jarisa sebe, ke a o rapela, hobane re entse ka bothoto, mme re entse sebe.


Morena o tla o atlehisa haholo ka ho atisa bana ba hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le ditholwana tsa masimo a hao, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntatao hore o tla o nea yona.


Baholo ba busang kereke hantle ba lokela ho fuwa moputso wa hlompho e kgolo, haholoholo ba sebetsang ka thata ho phatlalatsa lentswe le ho ruta.


Motse o tla timetswa, hammoho le tsohle tse ka ho wona, hobane o tlasa thohako ya Morena. Ke Rahaba wa seotswa feela ya tla phela; yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o ne a pate baromuwa bao re neng re ba romile.


Mohlang oo, Joshua a nea Jeriko thohako ena, a re: “Morena a rohake motho, motho ya tla ema, a tsose marako a motse ona wa Jeriko; ka lefu la mora hae wa matsibolo a etse motheo wa wona, ka lefu la mora hae wa lethopo a hahe menyako ya wona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ