Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 2:11 - BIBELE

11 Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 2:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Metsamao ya Henoke ya kgahla Modimo; yaba o a nyamela, hobane Modimo o ile a mo nka.


Mohla Morena a tla nkela Elia lehodimong ka setsokotsane, Elia o ne a ntse a tsamaya le Elisha, ba etswa Gilegale.


Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha.


Lona dithaba tse makgeka, keng ha le honohela thaba, thaba eo Modimo a kgahlilweng ke yona, ho e etsa leaho la hae, moo Morena a tla aha teng, a ahe teng ka ho sa feleng?


Morena, na o ne o halefetse dinoka? Na kgalefo ya hao e ne e tloketse melatswana, kapa o ne o halefetse lewatle, ha o no palame dipere tsa hao, o kaletse kariki tsa hao tsa tlholo?


“ ‘Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala!


Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


Baporofeta bao ba utlwa lentswe le phahameng, le tswang lehodimong, le re ho bona: “Nyolohelang kwano!” Yaba ba nyolohela lehodimong ka leru, dira tsa bona di ntse di ba tadimile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ