Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 19:37 - BIBELE

37 Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Teng, ha a kgumamile tlung ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere ba mmolaya ka lerumo. Ba tshabela lefatsheng la Ararate; yaba Esare-Haddone, mora hae, e ba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 19:37
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, areka ya dula hodima dithaba tsa Ararate.


Ba tswang Afa ba iketsetsa modimo o bitswang Nibehase le Taretake; ba tswang Sefara bona ba etsa dinyehelo tsa setjheso ka bana ba bona, ba di etsetsa Adarameleke le Anameleke, e leng medimo ya Sefarafaime.


Le se ke la dumela ha Hesekiya a re le tshepe Morena, a re: Morena o tla fela a re namolele, le motse ona o ke ke wa newa kgosi ya Asiria.’


Hesekiya a tshepa Morena Modimo wa Iseraele. Hara dikgosi tsa Juda tse ileng tsa mo hlahlama, esita le tse bileng teng pele ho yena, ha ho a ka ha eba le kgosi, le e nngwe, e kileng ya tshwana le yena.


“Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: ‘O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, eo o mo tshepileng, ha a re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria.


“Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba le dinaha tsa tsona;


Jerusalema ho tla ba le masalla, thabeng ya Sione ho be le ba phonyohileng, hona ho phethahatswa ke Morena, ka tjheseho.’


Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.’ ”


Ke modimo ofe, hara medimo yohle ya ditjhaba tseo, tseo bo-ntate ba ileng ba di timetsa, o kileng wa tseba ho pholosa setjhaba sa wona matsohong a ka? Jwale lona, Modimo wa lona a ka le pholosa jwang matsohong a ka?


Ba nyefola Modimo wa Jerusalema, jwalokaha eka ba nyefola medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding, e leng e entsweng ka matsoho a batho.


Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole.


yaba di tla ho bo-Serubabele le ho dihlooho tsa malapa, di re ho bona: “Ereng re le thuse ho haha, hobane le rona re sebeletsa Modimo wa lona jwaloka lona. Haesale re mo etsetsa mahlabelo ho tloha mohla Asare-Hadone, kgosi ya Asure, a neng a re tlisa mona.”


“Phahamisang mokgele le hara naha! Letsang lenaka hara ditjhaba! Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, le meme mebuso ena e e futuhele: Ararate le Mini le Ashekenase. Kgethang molaodi ya tla e futuhela, le romele dipere tse kang boiyane ba ditsie.


‘Fika’ la bona ha e ke Fika la rona, le dira tsa rona di ka re pakela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ