Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 19:28 - BIBELE

28 Ke utlwile ho mpurumela ha hao, le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha, ke e kenye nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Hobane ho nthorela ha hao, le boithoriso ba hao, bo nyolohetse tsebeng tsa ka, ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye le tomo ya ka ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 19:28
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E tla kgutla le mehlala ya yona, e ke ke ya kena ho ona motse,’ ho rialo Morena.


Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.’ ”


Bokantle ba tlalo la yona bo ka ebolwa ke mang? Ya ka atamelang ke mang, a e kenya tomo hanong?


Na o ka e kenya kgwathatha ka nkong? Kapa mohlaare wa yona wa o hlaba ka moutlwa?


O se ke wa tshwana le pere kapa mmeile, tsona di hlokang kelello, di thapiswang ka tomo le marapo; ho seng jwalo o ke ke wa di laola.


Modimo o bohareng ba motse oo, o ke ke wa sisinyeha; Modimo o tla o thusa ha mafube a hlaha.


Ka matla a hao o hlomile dithaba, o bontsha bonatla ba hao;


dira di ke di ntelekise, di ntshware, di ke di nkgatakelle fatshe, di mpolaye, di nkepele leroleng.


Se lebale ho rora ha ba o lwantshang, ho eketseha ha lerata la ba o tsohelang matla.


Ba o lwantshang ba puruma, ba puruma ba le Sehalalelong sa hao, ba hlomile mekgele ya bona, ba e hloma e le pontsho ya tlholo.


Oho, Modimo, o se ke wa ipha tshwea; se kgutse, Modimo, se kgobe matshwafo.


Ho phefumoloha ha hae ho ka nokana e eja ditlhokwa, metsi a nyoloha ho ya fihla molaleng, ho hlokola ditjhaba mafeela a tsona ho di kenya kgwathatha e tla di kgelosa tsela.


Tsa e kenya ka mokibeng e le mahlaahlela, tsa e isa ho kgosi ya Babilona; tsa a hlahlela ka tjhankaneng ho puruma ha yona ho se ke ha utlwahala, ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele.


Ka dilope mehlahare ya hao ke tla e qadipa, tlhapi tsa noka ya hao ke di kgomarise mahehefeng a hao; ke o hoholele kantle ho dinoka tsa hao, tlhapi tsohle tsa noka ya hao di kgomaretse mahehefeng a hao.


Ka melomo ya lona le ile la ithorisetsa nna, la mpuela mantswe a mangata a le fetang, mme ka a utlwa.’ ”


Ke tla o kgutlisa, mehlahare ya hao ke e qadipe ka dilope, ke o ntshe le mabotho wohle a hao le dipere le bapalami ba tsona ba hlometseng, e le letshwelehadi le hlometseng ka dithebe le dithejana, bohle ba tshwere disabole tsa bona.


Morena Modimo ya halalelang o hlapantse ka lebitso la hae, a re: “Bonang, matsatsi a tla tla, ao ka wona le tla tloswa ka kgwathatha; le ba ho qetela hara lona, ba tloswe, ba hulwa ka dilope.


Empa bona ba tlalwa ke kgalefo, ba buisana ka seo ba ka se etsang Jesu.


“Ha lefatshe le le hloya, tsebang hore le ile la ntlhoya pele ho lona.


“Lona ba manganga, ba pelo di thata, le tsebe tse sa mameleng jwaloka tsa bahedene, kamehla le lona le hlola le hanyetsa Moya o Halalelang, jwaloka bo-ntata lona!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ