Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 19:19 - BIBELE

19 Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena, Modimo o le mong feela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane wena Jehova, o Modimo o nnotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 19:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moporofeta wa Modimo a fihla, a bua ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Morena o bua tjena: ‘Erekaha Baarame ba itse Morena ke modimo wa maralla, e seng modimo wa diphula, ke tla neelana ka letshwelehadi lena matsohong a hao, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


hobane baditjhaba ha ba utlwa botumo ba hao, le matla a hao, le thuso ya hao, ba tla tla tlung ena ba tlo rapela.


O utlwe o le leahong la hao le lehodimong, moditjhaba eo o mo etsetse tsohle tseo a di kopang ho wena, e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; di be di tsebe le hore ntlo ena eo ke e hahileng e bitswa ka wena.


e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe hore Morena ke Modimo, mme ha ho e mong.


A rapela Morena, a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.


Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.”


Lebohang Morena, le ipiletse ho yena, phatlalatsang ketso tsa hae hara ditjhaba.


Kamora tsohle tseo Hesekiya a ileng a di etsa ka botshepehi, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a fihla, a futuhela naha ya Juda. A etsetsa metse e haheleditsweng ya Juda thibella, a hopotse ho ikgapela yona.


Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.


Morena o bua tjena: ‘Ka sena o tla tseba hore ke nna Morena. Bona, ka molamu o ka letsohong la ka ke tla otla hodima metsi a ka nokeng, mme a tla fetoha madi.


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tseba hore letsoho la Morena le matla, mme le lona le tla tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla yohle.’ ”


Ha Bakanana, le baahi bohle ba naha ena ba utlwa, ba tla re dikanela, ba re fedise lefatsheng. Lebitso lee la hao le leholo, o tla le etsetsa eng?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ