Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:4 - BIBELE

4 A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A tlosa dinqalo tse diphahameng, a robaka ditshwantsho, a poma diashera, a robaka le noha ya koporo e entsweng ke Moshe, kahobane ho fihlela mehleng eo, bana ba Iseraele ba ne ba ntse ba e tjhesetsa dibano; a e rea Nehushtane (ntho ya koporo).

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:4
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tsamaya mehlaleng ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha. A kgahlisa Morena. Leha ho le jwalo, dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha di a ka tsa fediswa. Setjhaba sa nna sa etsetsa dinyehelo, le ho tjhesetsa mokubetso ho tsona.


Ba ntsha sefika sa thupa se ka tempeleng ya Baale, ba se tjhesa.


Setjhaba sohle sa naha eo sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa hae, sa di etsa thuethue, sa bolaela Matane, moprista wa hae, kapele ho dialetare. Moprista Jehoyada a kgethela Tempele ya Morena balebedi.


feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, sa tjhesetsa mokubetso hona teng.


feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng.


Feela ha a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng. Ke yena ya ileng a haha kgoro ya Tempele, e bitswang Kgoro ya Leboya.


Feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng.


Jwale kgosi Akase a laela moprista Uriya, a re: “Hodima aletare e kgolo o tjhesetse nyehelo ya setjheso ya hoseng, le nyehelo ya kgosi ya dijo, mmoho le nyehelo ya setjheso ya setjhaba sohle sa naha eo, le nyehelo ya sona ya dijo, le nyehelo ya sona ya dino. Hodima yona o foke ka madi wohle a tse hlabetsweng nyehelo ya setjheso, le ka madi wohle a tse hlabetsweng ho etsa sehlabelo. Aletare ya lethose yona, ke eo ke tla botsa Morena ke le ho yona.”


Empa haeba o re ho nna: Re tshepile Morena Modimo wa rona, na hase yena eo Hesekiya a heleditseng dibaka tsa hae tsa borapedi, le dialetare tsa hae, a ba a re ho baahi ba Juda le ho ba Jerusalema: Le tla rapella kapele ho aletare ee, le le Jerusalema?


A boela a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo ntatae Hesekiya a neng a ile a di heletsa. A tsosa dialetare tsa Baale; a etsa setshwantsho sa Ashera, jwalokaha Akabe, kgosi ya Iseraele, a ne a ile a etsa; a kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, a di sebeletsa.


A thua difika tseo ba di kgumamelang, a diha ditshwantsho tsa Ashera, mme moo di neng di le hona teng a qhalla masapo a batho.


Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele.


Leha ho le jwalo, o entse ho hong ho lokileng: O tlositse ditshwantsho tsa Ashera naheng ena, mme o itokiseditse ho sebeletsa Modimo.”


Ha tsena tsohle di se di phethilwe, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ya metseng ya Juda. Ba fihla ba thua difika tseo ba di kgumamelang, ba senya le ditshwantsho tsa Ashera, ba heletsa dibaka tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, ba heletsa le dialetare naheng yohle ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine, le ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho fihlela tsohle di sentswe. Jwale bana bohle ba Iseraele ba kgutla, e mong le e mong a ya ha habo, motseng wa habo.


A boela a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo ntatae Hesekiya a neng a ile a di heletsa. A tsosa dialetare tsa bo-Baale; a etsa ditshwantsho tsa Ashera, a kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, a di sebeletsa.


Ba mo phephetsa ka ho ikahela dibaka tsa borapedi, ba mmakela lefufa ka medimo ya bona, medimo ya bona ya bohata.


O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang.


O heletse dialetare tsa bona, o thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, o senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera.


Empa haeba o re ho nna: “Re tshepile Morena Modimo wa rona,” na hase yena eo Hesekiya a heleditseng dibaka tsa hae tsa borapedi, le dialetare tsa hae, a ba a re ho baahi ba Juda le ba Jerusalema: “Le tla rapella kapele ho aletare ee?”


Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.


Ka yona nako eo, ke ile ka ema pakeng tsa lona le Morena, ho le bolella dipolelo tsa Morena. Ka lebaka la mollo lona le ne le tshaba, mme ha le a ka la hlwella thabeng.” “Yaba Morena o re:


Empa le tle le ba etse tjena: Le heletse dialetare tsa bona, le thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, le senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera, le tjhese le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona.


Hona bosiung boo, Morena a re ho Gideone: “Nka pohwana ya ntatao, e leng pohwana e dilemo tse supileng; o heletse aletare ya Baale, eo ntatao a e hahileng. O senye le ditshwantsho tsa Ashera, tse pela yona.


Ha banna ba motse ba tsoha e sa le hoseng, ba bona aletare ya Baale e heleditswe, le ditshwantsho tsa Ashera, tse pela yona, di sentswe, le pohwana ya bobedi e entswe nyehelo hodima aletare e hahilweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ