Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:32 - BIBELE

32 ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara; naha e nang le ole ya mohlwaare le mahe a dinotshi, hore le tle le phele, le se ke la shwa. “ ‘Le se ke la mamela Hesekiya ha a ntse a le thetsa, a re: Morena o tla re namolela!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 ke be ke tle, ke le nkele fatsheng le kang fatshe la lona, fatshe la koro le la veine, fatshe la bohobe le la masimo a merara, fatshe la ole ya mehlwaare le la dinotshi, le tle le phele, le se ke la shwa. Le se ke la nna la utlwa Esekiase, ha a le eletsa, a re: Jehova o tla re namolela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:32
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O holeha tonki ya hae morareng, le pohwana ya tonki morareng o kgethehileng; o hlatswa diaparo tsa hae ka veine, le kobo ya hae ka lero la morara.


ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.


Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


Kgosi ya Asiria ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria. Ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane; ya ba bea le metseng ya Bamede.


“Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: ‘O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, eo o mo tshepileng, ha a re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria.


Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho.


ba bangata ba buang ka nna, ba re: “Modimo ha a na ho mo pholosa.”


Ke phela ka dikgapha motsheare le bosiu, ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna: “O kae Modimo wa hao?”


Ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla matsohong a Baegepeta; ho se nyolla naheng eo, ke se ise naheng e ntle, e batsi; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi; naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara.


Haeba Morena a kgahlilwe ke rona, o tla re fihlisa naheng eo, a re nee yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.


Ke naha eo Morena Modimo wa lona, a e baballang. Kamehla Morena Modimo wa lona o e beile leihlo ho tloha ha selemo se thwasa, ho fihlela ha se fela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ