Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:30 - BIBELE

30 Le se ke la dumela ha Hesekiya a re le tshepe Morena, a re: Morena o tla fela a re namolele, le motse ona o ke ke wa newa kgosi ya Asiria.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Esekiase a se ke a le tshepisa Jehova, ka ho re, Jehova o tla le namolela ruri, mme motse oo o ke ke wa neelwa matsohong a morena wa Assiria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:30
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi e bua tjena: ‘Le se ke la thetswa ke Hesekiya, hobane a ke ke a le pholosa matsohong a ka.


“Le se ke la mamela Hesekiya, hobane kgosi ya Asiria e bua tjena: ‘Etsang selekane le nna, le ineele, ebe le tla ho nna. Motho ka mong o tla ja morara wa hae, motho ka mong a je feiye ya hae, motho ka mong a nwe le metsi a sediba sa hae,


“Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: ‘O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, eo o mo tshepileng, ha a re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria.


O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke yena Ya Halalelang, wa Iseraele!


yena a re ho bona: “Bolellang monga lona, le re: ‘Morena o bua tjena: O se ke wa tshoswa ke mantswe ao o a utlwileng, ao balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria ba nnyefotseng ka wona.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?”


ba bangata ba buang ka nna, ba re: “Modimo ha a na ho mo pholosa.”


Oho, Modimo, mosireletsi wa ditokelo tsa ka, ako nkarabe ha ke ipiletsa ho wena. O ntokolotse matshwenyehong a ka; nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.


Ke phela ka dikgapha motsheare le bosiu, ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna: “O kae Modimo wa hao?”


ba re: “Modimo o mo furaletse, mo lelekiseng, le mo tshware, hobane ha ho ya tla mo namolela.”


Se ntahle boqhekung ba ka, o se mphuralle ha matla a mpheletse;


O tshepile Modimo, ha a ke a mo namolele jwale, haeba a mo rata; hobane o itse: ‘Nna ke Mora wa Modimo!’ ”


Batho ba ne ba eme ba tadimile. Le babusi ba ne ba mo phoqa, ba re: “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo, a ipholose!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ